1
TSHIMOLOHO 37:5
BIBELE
SSO89SO
Yaba Josefa o lora toro, mme ha a e phetela bana babo, ba mo hloya ka ho fetisa.
ប្រៀបធៀប
រុករក TSHIMOLOHO 37:5
2
TSHIMOLOHO 37:3
Iseraele o ne a rata Josefa ho feta bana ba hae bohle, hobane e ne e le ngwana eo a mo fumanetseng boqhekung ba hae, mme a mo etsetsa seaparo se selelele, se fihlang matsohong le maotong.
រុករក TSHIMOLOHO 37:3
3
TSHIMOLOHO 37:4
Ha bana babo ba bona hore ntata bona o mo rata ho feta bana babo kaofela, ba mo hloya, ba se ke ba mmuisa ka kgotso.
រុករក TSHIMOLOHO 37:4
4
TSHIMOLOHO 37:9
A boela a lora toro e nngwe, mme a e phetela bana babo, a re: “Mamelang, ke lorile toro e nngwe hape: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di nkgumamela.”
រុករក TSHIMOLOHO 37:9
5
TSHIMOLOHO 37:11
Bana babo ba mo honohela, empa ntatae yena a nna a nahana polelo eo.
រុករក TSHIMOLOHO 37:11
6
TSHIMOLOHO 37:6-7
A re ho bona: “Utlwang toro eo ke e lorileng: Re ne re tlama dihlopha tshimong, mme ka bona sehlopha sa ka se tsoha, se ema tswee! Ka bona dihlopha tsa lona di ema, di se potapota, mme di se kgumamela.”
រុករក TSHIMOLOHO 37:6-7
7
TSHIMOLOHO 37:20
Tloong jwale, re mmolayeng, re mo akgeleng ka ho le leng la madumela. Re tla re sebatana se mo jele, mme re tla bona hore na ditoro tsa hae di tla fella kae.”
រុករក TSHIMOLOHO 37:20
8
TSHIMOLOHO 37:28
Yare ha bahwebi ba Midiane ba feta, ba hula Josefa, mme ba mo ntsha ka ledumeleng, ba mo rekisa ho Baishemaele ka silefera e kang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo, mme bao ba ya le yena Egepeta.
រុករក TSHIMOLOHO 37:28
9
TSHIMOLOHO 37:19
Ba buisana, ba re: “Raditoro ke eo a etla.
រុករក TSHIMOLOHO 37:19
10
TSHIMOLOHO 37:18
Ba mmona a sa le hole, mme yare a eso atamele ho bona ba rera ho mmolaya.
រុករក TSHIMOLOHO 37:18
11
TSHIMOLOHO 37:22
A boela a re: “Se tsholleng madi; mo akgeleng ka ledumeleng lena le lehwatateng, empa le se ke la mo isa matsoho.” E ne e le hore a tle a mo namolele matsohong a bona, a mo kgutlisetse ho ntatae.
រុករក TSHIMOLOHO 37:22
គេហ៍
ព្រះគម្ពីរ
គម្រោងអាន
វីដេអូ