YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 24

24
Joshua o bua le setjhaba Shekeme
1Joshua a memela merabe yohle ya Iseraele, Shekeme. A bitsa baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona. Ba itlhahisa kapele ho Morena.
2Joshua a re ho setjhaba sohle: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ya kgalekgale, bo-ntata lona, e leng Tera, ntata Aborahama, le ntata Nakore, ba ne ba ahile mose wane ho Noka, mme ba sebeletsa medimo e meng. 3Ka nka ntata lona Aborahama mose wane wa Noka, ka mo tsamaisa hara naha yohle ya Kanana. Ka ngatafatsa bana ba hae, ka mo nea Isaka. 4Isaka ka mo nea Jakobo le Esau; Esau ka mo nea naha e maralla ya Seire hore e be ya hae. Jakobo yena, le bana ba hae, a theohela Egepeta.
5“ ‘Hamorao ka romela Moshe le Arone, mme ka otla Egepeta ka diwa tseo ke ileng ka di etsa hara yona. Hamorao ka le ntsha moo. 6Ka ntsha bo-ntata lona Egepeta, mme ba fihla lewatleng. Baegepeta ba phaladisa bo-ntata lona ka dikariki tsa ntwa, le ka dipere ho ya fihla Lewatleng la Lehlaka. 7Ke ha bo-ntata lona ba ipiletsa ho Morena, mme yena a hlahisa lefifi pakeng tsa lona le Baegepeta. A phuthumanya lewatle hodima Baegepeta, a ba pupetsa ka lona, mme le bone seo ke se entseng Baegepeta. La phela lehwatateng ka nako e telele.
8“ ‘Yaba ke le tlisa naheng ya Baamore ba neng ba phela mose wane ho Jorodane. Ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona. Naha ya bona ya eba ya lona, mme ka ba timetsa kapele ho lona. 9Jwale ha hlaha Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, le yena a lwantsha Baiseraele. A romela maqosa ho Bileame, mora wa Beore, hore a le rohake. 10Empa ka se ke ka rata ho mamela Bileame, ka baka leo, a ba a le hlohonolofatsa. Kahoo ka le lopolla matsohong a hae.
11“ ‘La tshela Jorodane, la fihla Jeriko. Banna ba Jeriko, le Baamore, le Baperise, le Bakanana, le Bahete, le Bagirigashe, le Bahife, le Bajebuse, ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona. 12Ka eteletsa bobi kapele, mme ba ba leleka kapele ho lona. Ba leleka le dikgosi tse pedi tsa Baamore; e seng ka sabole ya hao, kapa ka seqha sa hao. 13Yaba ke le nea naha eo le sa e sebeletsang, le metse eo le sa e hahang, mme la aha ho yona. La ja le ditholwana tsa masimo a morara le tsa masimo a mohlwaare, ao le sa kang la a lema.’
14“Ka baka leo he, tshabang Morena, le mo sebeletse ka botshepehi le ka nnete, le furalle medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, leha ba le Egepeta, mme lona le sebeletse Morena. 15Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”
Ho ntjhafatswa selekane
16Setjhaba sa araba, sa re: “Le kgale! ha re ka ke ra furalla Morena, ra sebeletsa medimo esele, 17hobane Morena Modimo wa rona, ke yena ya re nyolotseng le bo-ntata rona Egepeta, moo re neng re le makgoba teng. Ke yena ya entseng dipontsho tse kgolo, a re baballa tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona. 18Morena ke yena ya ileng a falatsa ditjhaba tsohle tse neng di le kapele ho rona, le Baamore ba neng ba ahile naheng ena. Ka baka leo, le rona re tla sebeletsa Morena, hobane ke yena Modimo wa rona.”
19Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona. 20Haeba le ka furalla Morena, la sebeletsa medimo esele, o tla le fetohela, a le etse hampe, a le timetse, le hoja a kile a le etsa hantle.”
21Setjhaba sa re ho Joshua: “Tjhe, re tla sebeletsa Morena.”
22Joshua a boela a re ho setjhaba: “Lona, ka bolona, le a ipakela hore le ikgethetse ho sebeletsa Morena!”
Sa re: “E, re dipaki!”
23Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.”
24Setjhaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Morena Modimo wa rona, mme re tla mamela lentswe la hae.”
25Ka lona letsatsi leo Joshua a etsa selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo a le Shekeme. 26Joshua a ngola mantswe ana Bukeng ya Molao wa Modimo. A nka lejwe le leholo, a le hloma moo, tlasa sefate sa eike, se neng se le haufi le Sehalalelo sa Morena.
27Yaba Joshua o re ho setjhaba sohle: “Bonang, lejwe lena e tla ba paki e tla re tswa, hobane le utlwile dipolelo tsohle tsa Morena, tseo a di buileng ho rona. Ka baka leo, ke paki e tla le tswa, haeba le ka latola Modimo wa lona.” 28Yaba Joshua o qhala setjhaba, mme motho ka mong a kgutlela ha hae.
Lefu le Joshua
29Kamora tsena Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome. 30Ba mo epela naheng eo a e jeleng lefa, Timina-Sera, e naheng e maralla ya Efraime, ka leboya ho thaba ya Gaashe.
31Baiseraele ba sebeletsa Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba Joshua, le ka matsatsi wohle a ho phela ha baholo ba ileng ba nna ba phela kamora lefu la Joshua, ba neng ba tseba mesebetsi yohle ya Morena, eo a neng a e etseditse Baiseraele.
Lebitla la Josefa le la Eleasare
32Masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba ile ba nyoloha le wona Egepeta, ba a epela Shekeme, seratswaneng seo Jakobo a neng a ile a se reka ho bana ba Hamore, ntata Shekeme, ka ditjhelete tse lekgolo tsa silefera, mme ya eba lefa la bana ba Josefa.
33Le Eleasare, mora wa Arone, a shwa. Ba mo epela Gibea, motseng wa mora wa hae Finease, oo a neng a o newe, o naheng e maralla ya Efraime.

Currently Selected:

JOSHUA 24: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy