YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 1

1
Ho haptjwa ha Adoni-Beseke
1Hoba Joshua a shwe, bana ba Iseraele ba botsa Morena, ba re: “Ke mang ho rona ya tla futuhela Bakanana pele, a ba lwantshe?”
2Morena a re: “Ke ba morabe wa Juda ba tla futuha pele. Bonang, ke neelane ka naha ena matsohong a bona.”
3Ba morabe wa Juda ba re ho bana babo bona, e leng ba morabe wa Simeone: “Nyolohelang le rona naheng eo re e abetsweng, re tle re lwantsheng Bakanana, mme le rona re tla ya le lona naheng eo le e abetsweng.” Ba morabe wa Simeone ba tsamaya le bona.
4Ba morabe wa Juda ba nyoloha, mme Morena a neelana ka Bakanana le Baperise matsohong a bona. Ba bolaya banna ba bona ba dikete tse leshome motseng wa Beseke. 5Ba fumana Adoni-Beseke a le Beseke, ba mo lwantsha, ba hlola Bakanana le Baperise. 6Empa Adoni-Beseke a baleha. Ba mo phaladisa, ba mo tshwara, ba mo kgaola menwana e metona ya matsoho le ya maoto.
7Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng.
Ba morabe wa Juda ba hlola Jerusalema le Heborone
8Bana ba Juda ba futuhela Jerusalema, ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo.
9Kamora moo, bana ba Juda ba theoha ho ya lwantsha Bakanana, e leng baahi ba naha e maralla, le ya Negebe, le e diphuleng. 10Jwale ba morabe wa Juda ba futuhela Bakanana ba neng ba ahile Heborone. Pele ho mona, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba. Ba hlola Sheshai, le Ahimane, le Talamai.
Oteniele o hapa motse wa Debiri
(Josh. 15:13-19)
11Ho tloha moo ba futuhela baahi ba Debiri. Pele ho mona lebitso la Debiri e ne e le Kiriate-Sefere. 12Yaba Kalebe o re: “Ya ka futuhelang Kiriate-Sefere, a e hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.” 13Jwale Oteniele, mora wa Kenase, moena Kalebe, a e hapa, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae Akasa, hore e be mosadi wa hae. 14Yare ha Akasa a fihla ho Oteniele, a mo pheella hore a kope mohwe wa hae, a ke a mo qothele naha. Ha Akasa a tholoha tonki ya hae, Kalebe a re ho yena: “O batlang?”
15Akasa a re ho yena: “Ako mphe mpho e nngwe hape. Erekaha o nneile naha ya Negebe, ako nnee le didiba.” Kalebe a mo nea didiba tse hodimo le didiba tse tlase.
Morabe wa Juda le wa Benjamine o hapa naha
16Bana ba mohwe wa Moshe, eo e leng Mokene, ba nyoloha le banna ba Juda ho tloha motseng wa dipalema, ho ya lefeelleng la Juda le ka borwa ho Arada. Ba ya, ba aha le setjhaba seo.
17Ba morabe wa Juda ba tsamaya le bana babo bona, e leng ba morabe wa Simeone, ba hlola Bakanana, e leng baahi ba Sefate, ba ba timetsa ho hang. Motse oo ba o rea lebitso la Horema. 18Ba morabe wa Juda ba hapa le motse wa Gasa mmoho le naha ya wona, le motse wa Ashekelone mmoho le naha ya wona, le motse wa Ekerone mmoho le naha ya wona.
19Morena a nna a ba le ba morabe wa Juda, ba leleka baahi ba naha e maralla, empa ba se ke ba leleka baahi ba ka kgohlong, hobane ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse entsweng ka tshepe. 20Ba nea Kalebe motse wa Heborone, jwalokaha Moshe a ne a buile, mme yena a leleka bara ba bararo ba Anake.
21Bana ba Benjamine ba se ke ba leleka Bajebuse bao e neng e le baahi ba Jerusalema, empa Bajebuse ba aha hara bana ba Benjamine ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
Ba ntlo ya Josefa ba hapa motse wa Bethele
22Ba ntlo ya Josefa le bona ba futuhela motse wa Bethele, mme Morena a nna a ba le bona. 23Ba ntlo ya Josefa ba romela dihlwela ho ya hlwela motse wa Bethele. Pele lebitso la motse ona e ne e le Lose. 24Dihlwela tsa bona monna a etswa motseng, mme tsa re ho yena: “Ako re bontshe tsela e kenang ka motseng, re tla o hauhela.” 25Monna eo a di bontsha tsela e kenang ka motseng, tsa kena, tsa bolaya baahi ba motse oo ka sabole, empa ha e le monna eo le ba lelapa la hae tsa mo tlohela a ikela. 26Monna eo a ya naheng ya Bahete, a haha motse, a o bitsa Lose, mme leo ke lebitso la wona ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
Morabe wa Manase le wa Efraime o hapa naha
27Ba morabe wa Manase ba se ke ba leleka baahi ba Bete-Sheane le ba metsana ya yona, le ba Taanake le ba metsana ya yona, le ba Dore le ba metsana ya yona, le ba Jibeleame le ba metsana ya yona, le ba Megido le ba metsana ya yona. Bakanana ba tsitlella ho aha naheng eo. 28Empa yare ha Baiseraele ba se ba matlafetse, ba fetola Bakanana makgoba, feela ba se ke ba ba leleka ho hang. 29Ba morabe wa Efraime le bona ba se ke ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere, mme Bakanana bao ba nna ba aha hara bona, Gesere.
Dinaha tsa merabe e meng tse hapilweng
30Ba morabe wa Sebulone ba se ke ba leleka baahi ba Kiterone, le baahi ba Nahalole. Bakanana ba aha hara bona, mme ya eba makgoba. 31Ba morabe wa Ashere le bona ba se ke ba leleka baahi ba Ako, le baahi ba Sidone, le ba Ahalaba, le ba Akasibe, le ba Heleba, le ba Afike, le ba Rehobe. 32Baashere ba aha hara Bakanana, e leng baahi ba naha, hobane ha ba a ka ba ba leleka. 33Ba morabe wa Nafthali le bona ba se ke ba leleka baahi ba Bete-Shemeshe, le baahi ba Bete-Anate; ba aha hara Bakanana, e leng baahi ba naha. Baahi ba Bete-Shemeshe le baahi ba Bete-Anate ya eba makgoba a bona. 34Baamore ba sutuletsa bana ba Dane naheng e maralla, ba ba hanela ho theohela kgohlong. 35Baamore ba tsitlella ho aha thabeng ya Herese, le Aiyalone le Shaalebime, empa ba ntlo ya Josefa ba ba hlola, mme ya eba makgoba a bona.
36Moedi wa Baamore o ne o tloha moepeng wa Akarabime, o tloha Sela, o nyolosa.

Currently Selected:

BAAHLODI 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy