YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 23

23
Joshua o laya setjhaba
1Ha ho se ho fetile nako e telele Morena a phomoditse Baiseraele dintweng tsa bona le ho dira tsohle tsa bona tse neng di ba potapotile, Joshua a nna a tsofala, dilemo tsa hae tsa nna tsa ya. 2Ke ha Joshua a phutha Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona, mme a re ho bona: “Ke se ke tsofetse, le dilemo tsa ka di se di ile. 3Le bone tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle, ka baka la lona. Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng. 4Ke le abetse naha ya ditjhaba tsena tse sa ntsaneng di setse, le ya ditjhaba tsohle tseo ke di ripitlileng ho tloha Jorodane, ho ya fihla Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela, hore e be lefa la lona. 5Morena Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka, a di falatse kapele ho lona, mme naha ya tsona e be ya lona, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a le tshepisitse.
6“Ka baka leo, tiyang, le boloke, mme le phethe tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao wa Moshe; le se ke la o kgeloha jwang kapa jwang. 7Le se ke la kopakopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona, kapa la hlapanya ka yona, kapa la e sebeletsa, kapa la e kgumamela. 8Le kgomarele Morena Modimo wa lona, jwalokaha le entse ho fihlela kajeno.
9“Morena o faladitse ditjhaba tse kgolo, tse matla, kapele ho lona, mme ha ho ya kileng a ema kapele ho lona ho fihlela kajeno. 10Monna a le mong wa lona o lelekile batho ba sekete, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng, jwalokaha a ne a le tshepise. 11Ka baka leo, itlhokomeleng, le rate Morena Modimo wa lona.
12“Haeba le ka kweneha, la kgomarelana le masalla a ditjhaba tsena a setseng hara lona, la nyallana le wona, la kopakopana le wona, 13le hle le tsebe hore Morena Modimo wa lona, a ke ke a hlola a falatsa ditjhaba tsena kapele ho lona. Ditjhaba tseo e tla ba leraba le sefi ho lona, le phafa dikgopong tsa lona, le meutlwa ka mahlong a lona, ho fihlela le timela naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.
14“Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala. 15Jwalokaha dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a neng a le tshepisitse tsona, di ile tsa phethahala, ka mokgwa o jwalo Morena o tla le tlisetsa tsohle tse mpe, ho fihlela a le timetsa naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona. 16Haeba le roba selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a le laetseng sona, eba le a tsamaya le ilo sebeletsa medimo e meng, le a e kgumamela, bohale ba Morena bo tla le tlokomela, mme le tla timela ka ho panya ha ntshi naheng ena e ntle, eo a le neileng yona.”

Currently Selected:

JOSHUA 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy