YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 2

2
Lengeloi la Morena le fihla Bokime
1Jwale lengeloi la Morena la fihla Bokime, le etswa Gilegale. La fihla ho Baiseraele, la re: “Ke le nyolotse Egepeta, ke le tlisitse naheng ena eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata lona, ka re: ‘Nke ke ka roba selekane sa ka le lona le ka mohla. 2Feela lona le se ke la etsa selekane le baahi ba naha ena, le heletse dialetare tsa bona.’ Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka. Jwale le entse eng? 3Ka baka leo, ke re: ‘Nke ke ka ba leleka kapele ho lona; e tla ba leraba ho lona, medimo ya bona e be sefi ho lona.’ ”
4Hoba lengeloi la Morena le bue mantswe ana ho bana bohle ba Iseraele, setjhaba sa bokolla haholo.
5Sebaka seo ba se rea lebitso la Bokime, ba etsetsa Morena mahlabelo hona moo.
Lefu la Joshua
(Josh. 24:29-31)
6Ha Joshua a se a qhadile setjhaba, motho e mong le e mong wa bana ba Iseraele a boela naheng eo a e jeleng lefa, a dula ho yona. 7Setjhaba sa sebeletsa Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba Joshua, le ka matsatsi wohle a ho phela ha baholo ba ileng ba nna ba phela kamora lefu la Joshua, ba boneng mesebetsi yohle e meholo ya Morena, eo a ileng a e etsetsa Baiseraele.
8Jwale Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a ena le dilemo tse lekgolo le leshome. 9Ba mo epela naheng eo a e jeleng lefa, e leng Timina-Herese, naheng e maralla ya Efraime, ka leboya ho thaba ya Gaashe. 10Ha moloko oo wohle o se o oroseditswe ho bo-ntata wona, ha hlaha moloko o mong, o sa kang wa tseba Morena, kapa mesebetsi eo Morena a e etseditseng Baiseraele.
Bokwenehi ba Baiseraele
11Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba sebeletsa bo-Baale. 12Ba furalla Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ba ntsha naheng ya Egepeta, ba latela medimo e meng, medimo ya ditjhaba tse ba potapotileng, ba e kgumamela, mme ba halefisa Morena.
13Ba furalla Morena, ba sebeletsa bo-Baale le Asetarote. 14Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona. 15Kamehla ha ba eya ntweng, Morena o ne a ba lwantsha, jwalokaha a ne a ile a bua, le jwalokaha a ne a ile a ba hlapanyetsa, mme ba tsieleha haholo.
Baahlodi
16Morena a ba hlahisetsa baahlodi ba ileng ba ba pholosa matsohong a dinokwane tse ba senyetsang. 17Empa ha ba a ka ba mamela le baahlodi bao ba bona, hobane ba nnile ba kgeloha, ba latela medimo e meng, ba e kgumamela. Kapelepele ba kgeloha tsela eo bo-ntata bona ba neng ba tsamaya ho yona, ba hlompha molao wa Morena, empa bona ha ba a ka ba etsa jwalo. 18E ne e ye ere ha Morena a ba hlahisetsa moahlodi, Morena o ne a ye a be le moahlodi eo, a ba pholose matsohong a dira tsa bona, ka matsatsi wohle a ho phela ha moahlodi eo. Morena o ne a ba utlwela bohloko ka baka la ho dumaela ha bona ho bakwang ke ba ba hateletseng, ba ba robokelang. 19Empa e ne e ye ere ha moahlodi a eshwa, ba boele mekgweng ya bona, ba etse tse kgopo le ho feta bo-ntata bona; ba boele ba latele medimo e meng, ba e sebeletse, ba e kgumamele. Ba ne ba sa ke be ba tlohele mesebetsi ya bona e kgopo, kapa manganga a bona.
20Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, mme a re: “Kaha setjhaba sena se robile selekane sa ka, seo ke se laetseng bo-ntata sona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka, 21le nna, ho tloha jwale, ha ke sa tla hlola ke leleka ditjhaba tse kapele ho sona, tseo Joshua a ileng a di siya ha a eshwa. 22Hona ke hore ke leke Baiseraele ka tsona, ke bone hore na ba tla boloka tsela ya Morena jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba e boloka, ba tsamaya ka yona, kapa tjhe.” 23Yaba Morena o tlohela ditjhaba tseo hore di sale, a se ke a potlakela ho di leleka, mme a se ke a neelana ka tsona matsohong a Joshua.

Currently Selected:

BAAHLODI 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy