YouVersion Logo
Search Icon

ESERA 4

4
Ho tsoswa ha Tempele ho a hanyetswa
1Eitse ha dira tsa ba morabe wa Juda le wa Benjamine di utlwela hore bao e neng e le bathopuwa ba tsosa tempele ya Morena Modimo wa Iseraele, 2yaba di tla ho bo-Serubabele le ho dihlooho tsa malapa, di re ho bona: “Ereng re le thuse ho haha, hobane le rona re sebeletsa Modimo wa lona jwaloka lona. Haesale re mo etsetsa mahlabelo ho tloha mohla Asare-Hadone, kgosi ya Asure, a neng a re tlisa mona.”
3Empa bo-Serubabele, le Jeshua, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, ba re ho dira tseo: “Le ke ke la haha Tempele ya Modimo wa rona le rona. Ke rona feela ba tla hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele, jwalokaha Siruse, kgosi ya Peresiya, a re laetse.”
4Jwale setjhaba sa naha eo sa nyahamisa baahi ba naha ya Juda dipelo, e le hore ba tle ba tshabe ho haha. 5Setjhaba seo sa ntshetsa baeletsi ba kgosi tjotjo, hore ba sitise morero wa Bajuda. Hona sa ho etsa ka nako yohle ya puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, ho fihlela mehleng ya puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.
Ho tsoswa ha Jerusalema ho a hanyetswa
6Ha Ahashuerushe a qala ho busa, bahanyetsi ba mo ngolla lengolo, leo ka lona ba qosang baahi ba naha ya Juda le ba Jerusalema.
7Le mehleng ya Aretaseresese, bo-Bishelame, le Miteredate, le Tabeele, le metswalle yohle ya bona, ba ngolla Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, lengolo le ngotsweng ka ditlhaku tsa Searame, ka puo ya Searame.
8Bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, ba ngolla Aretaseresese lengolo le hanyetsang ho tsoswa ha Jerusalema. Le ne le ngotswe ke 9bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le metswalle ya bona, le baahlodi, le maqosa, le baemedi ba dinaha, le bahlanka ba mmuso, le Baereke, le baahi ba Babilona, le baahi ba Susa, e leng Baelame, 10le ditjhaba tse ding tsohle, tseo Asenapare ya tumileng, ya kgabane, a neng a ile a di thopa, a di bea metseng ya Samaria, le naheng yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese.
11Kopi ya lengolo leo ba ileng ba le ngola ke ena:
“Ho kgosi Aretaseresese.
“Rona, bahlanka ba hao, ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese, re re: 12Kgosi a e ke e tsebe hore Bajuda ba tswang moo ho wena, ba tlileng mona ho rona, ba fihlile Jerusalema. Ba ntse ba tsosa motse ona wa mahlabaphiyo, o kgopo. Ba hahile motheo, mme ba se ba qetela ho haha marako.
13“Kgosi a e ke e tsebe hore haeba motse ona o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, baahi ba wona ba ke ke ba hlola ba sa lefa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa, mme tjhelete ya kgosi e tla fokotseha. 14Jwale, erekaha re phela ka kgosi, mme re sa rate ho bona ha kgosi e hlomphollwa, ke ka lebaka lena re romelang kgosi molaetsa ona, hore e tsebe, 15e tle e fuputse dibukeng tsa diketsahalo tsa baholoholo ba yona. Etlare ha o ntse o fuputsa, o tla fumana hore motse ona ke wa mahlabaphiyo, o kotsi ho dikgosi le dinaha tsa tsona, le hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa tsosa setsokotsane sa bohlabaphiyo, mme ke ka baka leo o ileng wa timetswa. 16Jwale, kgosi, re o tsebisa hore haeba motse oo o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, o ke ke wa hlola o sa busa ka bophirimela ho noka ya Euferatese.”
17Yaba kgosi Aretaseresese o romela karabo ena ho bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le ho metswalle yohle ya bona e ahileng Samaria, le ho bohle ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese:
“Kgotso!
18“Re baletswe lengolo la lona ka mokgwa o hlakileng. 19Ke laetse hore ho fuputswe, mme ho fumanwe hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa ikgohomosetsa dikgosi, wa tsosa bohlabaphiyo le bofetohedi. 20Ho kile ha eba le dikgosi tse matla, tse ileng tsa busa Jerusalema le naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Di ne di ntshetswa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa. 21Laelang batho bao hore ba kgaotse, motse oo o se ke wa tsoswa, ho fihlela nna nka etsa taelo. 22Hlokomelang, le se ke la fosa taelo ena, esere bobe bona ba tota, mme ba hlahisetsa dikgosi kotsi!”
23Hoba lengolo lena la kgosi Aretaseresese le ballwe bo-Rehume, le Shimeshai wa mongodi, le metswalle ya bona, yaba ba potlakela Jerusalema ho Bajuda, ba fihla ba thibela mosebetsi wa bona ka dikgoka, le ka ho ba kgahlapetsa.
24Mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena Jerusalema, wa kgaotsa. Wa kgaotsa jwalo ho fihlela ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.

Currently Selected:

ESERA 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy