YouVersion Logo
Search Icon

ESERA 5

5
Mosebetsi wa ho tsosa Tempele o qalwa hape
1Baporofeta, e leng Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba porofetela Bajuda ba neng ba ahile naheng ya Juda le Jerusalema; ba ba porofetela ka lebitso la Modimo wa Iseraele ya ba okametseng. 2Yaba bo-Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, ba a ema, ba qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema. Baporofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba thusa.
3Ka yona nako eo, bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba fihla ho bo-Serubabele, ba re ho bona: “Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela lerako lee?” 4Ba boela ba re ho bona: “Banna ba ntseng ba haha mohaho oo ke bo-mang?”
5Empa Modimo wa bona o ne a ntse a tadimile baholo ba Bajuda, mme bahanyetsi ba ne ba ke ke ba ba thibela ho haha, ho fihlela ha ho tsebisitswe Dariuse, mme yena a arabile ka lengolo. Bo-Tatenai ba ngola lengolo malebana le taba ena.
6Lengolo leo bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, e leng bahlanka ba mmuso ba neng ba le ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ba ileng ba le ngola, ke lena: 7Lengolo lena le neng le rometswe ho kgosi le ne le re:
“Kgotso yohle e be le kgosi Dariuse!
8“Kgosi e ke e tsebe hore re ile ra ya naheng ya Juda, Tempeleng ya Modimo e moholo. Tempele eo e ntse e hahwa ka majwe a maholo, mme maboteng a yona ho ntse ho manehwa mapolanka. Mosebetsi oo o etswa ka makgethe, mme o a atleha.
9“Re ile ra botsa baholo bao, ra re ho bona: ‘Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela marako aa?’ 10Re ile ra ba botsa le mabitso a bona, e le hore re ngole mabitso a baetapele bao ba bona, re tle re o tsebise.
11“Bona ba re araba tjena, ba re: ‘Rona re bahlanka ba Modimo wa lehodimo le wa lefatshe. Re tsosa Tempele e neng e hahwe mehleng ya kgale, ya hahwa ke kgosi e tumileng ya Iseraele, ya ba ya e phetha. 12Kahobane bo-ntata rona ba ne ba halefise Modimo wa mahodimo, o ile a neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare wa Mokalatiya, kgosi ya Babilona, ya ileng a senya Tempele ena, mme a thopa setjhaba, a se isa Babilona.
13“ ‘Empa ka selemo sa pele sa puso ya hae, Siruse, kgosi ya Babilona, o ile a laela hore ho hahwe Tempele ena ya Modimo. 14Thepa e entsweng ka silefera, le e entsweng ka kgauta, e neng e le ka Tempeleng ya Modimo, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng a neng e le Jerusalema, a e isa tempeleng ya Babilona, yona thepa eo, kgosi Siruse o ile a e ntsha ka tempeleng ya Babilona, a e nea monna ya bitswang Sheshebasare, eo a neng a mmeile hore e be mmusisi. 15Siruse a ba a re ho yena: “Nka thepa ena, o tsamaye, o yo e bea ka Tempeleng e Jerusalema, mme o hlokomele hore Tempele ya Modimo e hahwe setsheng sa yona sa pele!”
16“ ‘Jwale Sheshebasare eo o ile a fihla, a rala motheo wa Tempele ya Modimo e Jerusalema. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno, haesale e ntse e hahuwa, empa ha e eso fele.
17“ ‘Ka baka lena, haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho fuputswe ka tlung ya kgosi, eo ho bolokwang matlotlo ka ho yona, hore na ho fela ho le jwalo, hore kgosi Siruse o kile a laela hore ho hahwe Tempele ya Modimo, Jerusalema. A re ke re tsebiswe seo kgosi e ratang hore se etswe tabeng ena.’ ”

Currently Selected:

ESERA 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy