YouVersion Logo
Search Icon

ESERA 3

3
Ho simollwa borapedi hape
1Ka kgwedi ya bosupa, ha bana ba Iseraele ba se ba tsitsitse metseng ya bona, setjhaba sa kgobokanela Jerusalema, ka kgopolo e le nngwe. 2Jwale Jeshua, mora wa Josadake, a ema, a ena le bana babo, e leng baprista, le Serubabele, mora wa Shealetiele, le yena a ena le bana babo. Bana bohle ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, hore ba tle ba nyehelle dinyehelo tsa setjheso hodima yona, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, moporofeta wa Modimo. 3Le hoja ba ne ba tshaba ditjhaba tsa dinaha tseo, ba haha aletare setsheng sa yona sa pele, mme hodima yona ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, e leng dinyehelo tsa setjheso tsa hoseng le tsa mantsiboya. 4Ba keteka mokete wa maphephe, jwalokaha ho ngotswe Molaong. Ka letsatsi le leng le le leng ba etsa dinyehelo tsa setjheso, tse lekanang letsatsi ka leng, ho ya kamoo ho laetsweng kateng. 5Kamora moo ba nna ba etsa le dinyehelo tsa setjheso tse tlwaelehileng tsa mokete wa ho thwasa ha kgwedi, le tsa mekete yohle e beilweng ke Morena, e kgethehileng, le tsa dimpho tsa boithaopo tsa motho ka mong. 6Ho tloha ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ba qala ho etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso, le hoja motheo wa Tempele ya Morena o ne o eso ralwe.
Ho tsoswa ha Tempele ya Morena ho a qalwa
7Yaba ba lefa ba betlang majwe, le ba betlang mapolanka. Ba nea Basidone le Batire dijo, le dino, le ole, hore bao ba ba tlisetse difate tsa kedare, tse tswang Lebanone, ba ba isetse tsona lewatleng la Jopo, ho ya kamoo Siruse, kgosi ya Peresiya, a neng a laetse kateng.
8Ka kgwedi ya bobedi ya selemo sa bobedi ba fihlile Tempeleng ya Modimo Jerusalema, Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, le bana babo bona ba bang, e leng baprista le Balevi, le bohle ba fihlileng Jerusalema, bao e neng e le bathopuwa, ba qala mosebetsi. Ba kgetha Balevi, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, hore ba okamele mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena. 9Yaba Jeshua le bara ba hae, le bana babo, le Kademiele le bara ba hae, e leng bara ba Juda, ba okamela basebetsi ba hahang Tempele ya Modimo. Ba ne ba thuswa ke bara ba Henadade, le bana babo bona, e leng Balevi.
10Eitse ha dihahi di rala motheo wa Tempele ya Morena, baprista ba ema ba apere diaparo tsa bona, ba nkile diterompeta; Balevi, e leng bara ba Asafo, bona ba nkile matlheretlhere, hore ba rorise Morena, ho latela taelo ya Davida, kgosi ya Iseraele. 11Ba bina ba neeletsana, ka dihlopha tsa bona, ba rorisa, mme ba boka Morena, ba re: “O molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle ho Baiseraele.” Setjhaba sohle, ha se rorisa Morena, sa howeletsa haholo, hobane motheo wa Tempele ya Morena o ne o radilwe. 12Empa baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa, bao e neng e se e le maqheku, ba neng ba ile ba bona ha motheo wa Tempele ya pele o ralwa, ba lla haholo, ha ba bona ho ralwa motheo wa Tempele ena, empa ba bangata bona ba etsa ditlatse tsa thabo. 13Motho o ne a ke ke a kgetholla lerata la ditlatse tsa thabo ho lerata la seboko sa setjhaba, hobane setjhaba se ne se howeletsa haholo, hoo lerata la sona le neng le utlwahala hole.

Currently Selected:

ESERA 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy