YouVersion Logo
Search Icon

2 BAKORINTHE 3

3
Basebeletsi ba selekane se setjha
1Na re boela re qala ho ikemela? Kapa jwaloka ba bang, re hloka mangolo a re emelang ho lona, kapa a tswang ho lona? 2Ke lona lengolo la rona, le ngotsweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle. 3Ho pepenene hore lona le lengolo la Kreste, le beilweng matsohong a rona, le ngotsweng ka Moya wa Modimo ya phelang, e seng ka enke; le ngotsweng matlapeng a dipelo tsa nama, e seng matlapeng a lejwe.
4Re na le tshepo e jwalo ho Modimo ka Kreste. 5Hase hore rona ka borona re na le matla a lekaneng hore re hopole letho jwaloka hoja le tswa ho rona, empa matla a rona a tswa ho Modimo. 6Ke yena ya re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, seo e leng sa Moya, e seng sa Molao o ngotsweng feela. Molao o ngotsweng o a bolaya, athe Moya o a phedisa.
7Molao oo tshebeletso ya wona e isang lefung, o ngotsweng ka ditlhaku majweng, o ile wa fanwa ka tlotla, hoo bana ba Iseraele ba neng ba sitwa ho tadima sefahleho sa Moshe, ke baka la tlotla e felang ya sefahleho sa hae. 8Ha ho le jwalo, na tshebeletso ya Moya e ke ke ya eba le tlotla e fetang eo haholo? 9Haeba tshebeletso e isang kahlolong e bile le tlotla, tshebeletso e isang ho lokeng e tla ba le tlotla e kgolo haholo hakaakang! 10Ebile tlotla e neng e kganya hakaalo ka nako e fetileng ha e sa kganya, ka baka la tlotla e kgolohadi ya jwale. 11Ha se neng se fela se tlile ka tlotla, se sa feleng se tla ba le tlotla e kgolo hakaakang!
12Kaha re na le tshepo e jwalo, re bua ka sebete, 13e seng jwaloka Moshe ya neng a ikgurumetsa sefahleho, hore bana ba Iseraele ba se ke ba bona tlotla e felang ya sefahleho sa hae ha e nyamela. 14Empa dikelello tsa bona di ne di thotofetse. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ba bala Testamente ya Kgale, lesira lane le ntse le ba siretse, ha le a tloswa; le fediswa ke Kreste feela. 15Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno, kamehla ha ho balwa buka ya Moshe, lesira le sa kwahetse dipelo tsa bona; 16athe kamehla ha motho a sokolohela ho Morena, lesira leo le a tloswa. 17Morena ke Moya, mme moo Moya wa Morena o leng teng tokoloho e teng. 18Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.

Currently Selected:

2 BAKORINTHE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy