YouVersion Logo
Search Icon

2 BAKORINTHE 2

2
1Yaba ke rera hore nke ke ka boela ka le etela ho tla le swabisa, 2hobane haeba ke le swabisa, ke mang ya tla nthabisa, ntle ho lona bao ke ba swabisitseng? 3Ke ka hona ke le ngoletseng lengolo leo. Ke ne ke sa rate hore ha ke etla ho lona ke tlo swabiswa ke bona batho ba tshwanetseng ho nthabisa, hobane ke tseba ka ho tlala hore thabo ya ka ke ya lona bohle. 4Ke ile ka le ngolla ka maikutlo a tshwenyehileng, le ka pelo e tsielehileng, le ka meokgo e keleketlang. E ne e se ho le swabisa, empa e ne e le hore le tle le tsebe boholo ba lerato leo ke le ratang ka lona.
Ho tshwarela ya kgopisitseng
5Jwale haeba motho a swabisitse e mong, ha a ya swabisa nna, o swabisitse lona; ho se feteletse puo ke re, leha e se lona bohle. 6Ho lekane hore ebe ya jwalo o etseditswe kotlo ke bongata ba lona. 7Empa jwale le tshwanela ho mo tshwarela le ho mo tshedisa, esere a sithabetswa ke maswabi a maholo. 8Ka baka leo, ke le rapela hore le mmontshe hore le fela le mo rata. 9Ke le ngoletse hore ke nonye maikutlo a lona, ke tle ke be le bopaki ba hore na le mamela dinthong tsohle. 10Jwale eo le mo tshwarelang, le nna ke a mo tshwarela. Haeba ho na le seo ke se tshwaretseng, ke ka baka la lona, mahlong a Kreste, ke tshwaretseng ya se entseng; 11esere Satane a re qhekella, etswe re tseba maqiti a hae.
Ho tshwenyeha ha Paulosi le ho tshediseha ha hae
12Yare ha ke fihla Terowase, moo ke neng ke ilo bolela molaetsa o molemo wa Kreste teng, ka fumana Morena a se a mpuletse tsela. 13Empa ka se ke ka ba le phomolo moyeng, hobane ha ke a ka ka fumana ngwaneso, Tite. Yaba ke a dumedisa, mme ho tloha moo ka ya Masedonia.
14A re leboheng Modimo, ya re neang tlholo kamehla ka Kreste, mme ya utlwahatsang ka rona, dibakeng tsohle, monko o monate wa ho mo tseba, 15hobane rona re monko o monate wa Kreste o yang ho Modimo, o utlwahalang ho ba yang pholohong, le ho ba yang timelong. 16Ho ba yang timelong ke monko wa lefu, o bolayang; ho ba yang pholohong ke monko wa bophelo, o phedisang. Jwale ke mang ya loketseng tsee? 17Etswe rona ha re ke ba bangata ba bapatsang ka lentswe la Modimo, empa kahobane re romilwe ke Modimo, re bua nnete mahlong a Modimo, re le bahlanka ba Kreste.

Currently Selected:

2 BAKORINTHE 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy