YouVersion Logo
Search Icon

2 BAKORINTHE 4

4
Letlotlo le ka dipitseng tsa letsopa
1Ka baka leo, erekaha re neilwe tshebeletso ena ka mohau, ha re tepelle. 2Empa re ile ra tela tsa sekgukgu, tse dihlong, ra se ke ra tsamaya ka mano, leha e le ho sotha lentswe la Modimo. Re mpa re phatlalatsa nnete, re leka ho hapa maikutlo a batho bohle, mme le Modimo o a tseba. 3Haeba molaetsa wa rona o molemo o siretse, o siretse ba yang timelong, 4e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo. 5Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu. 6Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.
7Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona. 8Re patiswa ka nqa tsohle, empa ha re bjaratsehe; re a tsieleha, empa ha re nyahame pelo; 9re a hloriswa, empa ha re furallwe ke bohle; re ratlanngwa fatshe, empa ha re shwe. 10Re jere mahloko a lefu la Jesu mmeleng ya rona kamehla, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona. 11Rona ba phelang, kamehla re kotsing ya ho bolawa ka baka la Jesu, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona e shwang. 12Ka mokgwa o jwalo lefu le sebetsa ho rona, athe bophelo bo sebetsa ho lona.
13Empa Mangolo a re: “Ke dumetse, ka hona ke a bua.” Ka wona moya o jwalo wa tumelo le rona re a dumela, ka hona re a bua, 14hobane re a tseba hore ya tsositseng Morena Jesu bafung, le rona o tla re tsosa le Jesu, a re hlahise le lona pela hae. 15Tsohle di entswe ka baka la lona, hore ha mohau o atela ba bangata, ho be le teboho e fetisisang tlotlisong ya Modimo.
Ho phela ka tumelo
16Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi. 17Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng. 18Re habile tse sa bonweng, e seng tse bonwang, hobane tse bonwang ke tsa mehla ya jwale, empa tse sa bonweng ke tsa mehla e sa feleng.

Currently Selected:

2 BAKORINTHE 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy