YouVersion Logo
Search Icon

2 BAKORINTHE 1

1
Tumediso
1Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, mmoho le badumedi bohle ba leng naheng yohle ya Akaya, re re:
2Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.
Teboho ya Paulosi kamora matshwenyeho
3Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. 4O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo. 5Jwalokaha mahloko a Kreste a re aparetse, ka mokgwa o jwalo le wona matshediso a re ngatafaletse ka Kreste. 6Ha re tshwenyeha, hona ho le tlisetsa tshediso le pholoho; haeba re a tshediswa, hona ho le tlisetsa tshediso e le thusang ho mamella mahloko ao le rona re a mamellang. 7Tshepo ya rona ho lona e tiile, hobane re tseba hore, jwalokaha le bile balekane ba rona mahlokong, le teng le tla nne le be bona matshedisong.
8Bana beso, efela re rata ha le tseba hore matshwenyeho a re hlahetseng Asia a ne a le boima haholo ho feta matla a rona, hoo re bileng ra lahlehelwa ke tshepo ya hore re tla phela. 9Ra ikutlwa eka re ahloletswe lefu, mme hona ha etsa hore re se ke ra nna ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo ya tsosang bafu; 10e leng yena ya re pholositseng kotsing e kaalo ya ho shwa, mme o tla boela a re pholose. Re tshepile hore o tla nne a re pholose, 11ha lona le ntse le re tlatsa ka dithapelo tsa lona. Ka mokgwa ona, kaha re tla be re fumane thuso ka ho rapellwa ke batho ba bangata, le teng re tla lebohelwa ho Modimo ke ba bangata.
Paulosi o thisisa leeto la ho ya Korinthe
12Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo. 13Ha re a ka ra le ngolla letho, haese seo le se balang, le se utlwisisang. Empa ke tshepa hore le sa tla utlwisisa ka ho tlala 14seo le seng le se utlwisisa kammoho, e le hore, Letsatsing la ho tla ha Morena Jesu, le tle le ithorise ka rona, jwalokaha le rona re tla ithorisa ka lona.
15Ka tshepo ena, ke ne ke ikemiseditse ho le etela pele, e le hore ke le thabise ka ho le etela habedi. 16Ke ne ke tla feta le ho lona ha ke leba Masedonia, ke boele ke kgutlele ho lona ha ke etswa teng, e le hore le tle le nthuse ho kena leetong la ho ya Judea. 17Ka boikemisetso bona, na ke ne ke tlaila? Kapa na merero ya ka ke ya botho feela, hoo ke tla re “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe?
18Ka nnete ya Modimo, puo ya ka ho lona hase “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe, 19hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, eo rona le Silefanose le Timothea re mo phatlaladitseng hara lona, e ne e se “e” le “tjhe”, empa haesale e le “e” feela. 20Ke yena eo e leng “e” ditshepisong tsohle tsa Modimo. Ke ka baka leo e ntseng e le ka yena re reng “a ho be jwalo!” ha re tlotlisa Modimo. 21Ke Modimo ka boyena ya re tiisang mmoho le lona ho Kreste; ya re tlotsitseng, 22ya re tshwaileng ka letshwao la hae, mme ya re fileng Moya o Halalelang dipelong tsa rona, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla.
23Ke ikana ka bophelo ba ka! Modimo a ka mpakela hore e ne e le ka ho le qenehela, ha ke sa ka ka kgutlela Korinthe. 24Ditabeng tsa tumelo ya lona, re batla ho sebedisana le lona ka mokgwa o le thabisang, e seng ho le qobella; etswe le se le eme le tiile tumelong.

Currently Selected:

2 BAKORINTHE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy