YouVersion Logo
Search Icon

I JOHANNE 3

3
1Bonang! lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le lekakang, ha re bitswa bana ba Modimo! Re fela re le bona. Ka baka leo, lefatshe ha le re tsebe, kahobane ha le a ka la o tseba. 2Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng. 3Mme e mong le e mong ya nang le tshepo eo ho wona, o a itlhwekisa, jwalokaha le wona o hlwekile.
4E mong le e mong ya etsang sebe o etsa tlolo ya molao; hobane sebe ke ho tlola molao. 5Mme le a tseba hobane yena o hlahile hore a tle a tlose dibe tsa rona; mme ha ho sebe ho yena. 6E mong le e mong ya dutseng ho yena ha a etse sebe; e mong le e mong ya etsang sebe ha a ka a mmona, ha a bile ha a mo tsebe le hona.
7Bana, le se ke la thetswa ke motho: Ya etsang ho lokileng o lokile, jwalokaha le yena a lokile; 8ya etsang sebe ke wa Diabolose; hobane Diabolose o etsa sebe esale ho qaleng. Lebaka leo Mora Modimo a hlahileng ka lona, ke hore a fedise mesebetsi ya Diabolose.
9E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe, kahobane peo ya wona e dutse ho yena; mme o sitwa ho etsa sebe, kahobane o tswetswe ke Modimo.
10Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.
11Hobane taba eo le e utlwileng, esale ho qaleng, ke hore re ratane, 12mme re se ke ra ba jwaloka Kaine, e neng e le wa e mobe, mme a bolaile ngwanabo. Mme o mmolaile ka baka lang? Ke hobane yena mesebetsi ya hae e ne e le e mebe, athe ya ngwanabo e ne e lokile.
13Se makaleng, banabeso, ha lefatshe le le hloile. 14Moo re tsebang hobane re faletse lefung ho kena bophelong, ke ha re rata banababo rona. Ya sa rateng ngwanabo o sa dutse lefung. 15E mong le e mong ya hloileng ngwanabo ke mmolai; mme le a tseba hobane ha ho mmolai eo bophelo bo sa feleng bo dutseng ho yena.
16Moo re tsebileng lerato, ke ha Jesu a re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella banababo rona bophelo ba rona. 17Empa motho ha a na le dintho tsa bophelo ba lefatshe, mme a bona ngwanabo a hloka, mme a mo kwalla pelo ya hae, lerato la Modimo le dutse jwang ho yena?
18Bana ba ka, re se ke ra rata ka dipolelo le ka leleme, e mpe e be ka ketso le ka nnete. 19Ke kahoo re tsebang hobane re ba nnete, mme re ka tshepisang dipelo tsa rona pela wona. 20Hobane leha dipelo tsa rona di re qosa, Modimo o moholo ho dipelo tsa rona, mme o tseba tsohle. 21Baratuwa, ha dipelo tsa rona di sa re nyatse, re na le tshepo e tiileng ho Modimo. 22Mme seo re se kopang, leha e le sefe le sefe, re se newa ke wona; hobane re boloka ditaelo tsa wona, mme re etsa tse leng ntle pela wona. 23Mme taelo ya wona ke hore re dumele lebitso la Mora wa wona Jesu Kreste, le hore re ratane, jwalokaha o re laetse. 24Mme ya bolokang ditaelo tsa wona o dutse ho wona, le wona o dutse ho yena, mme hoo re tsebang ka hona hobane o dutse ho rona, ke ka Moya oo o re neileng wona.

Currently Selected:

I JOHANNE 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy