YouVersion Logo
Search Icon

I JOHANNE 2

2
1Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng. 2Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona; e seng ya tsa rona feela, empa e le le ya tsa lefatshe lohle.
Ho uwe ka ditaelo tsa Modimo; tsa lerato la boena; ho kgaohanwe le lefatshe.
3Moo re lemohang hoba re tseba Modimo ke ha re boloka ditaelo tsa wona. 4Ya reng: Ke a o tseba, kanthe ha a boloke ditaelo tsa wona, o leshano, mme nnete ha e yo ho yena. 5Empa ya bolokang lentswe la wona, lerato la Modimo le phethehile ruri ka ho yena; ke kahoo re tsebang hobane re ho wona. 6Ya bolelang hore o dutse ho wona, e ka kgona a tsamaye ka mokgwa oo le yena Jesu a tsamaileng ka wona.
7Banabeso, ha ke le ngolle taelo e ntjha, empa e ntse e le taelo ya kgale eo e sa leng le na le yona le ho qaleng; taelo eo ya kgale ke lentswe leo le le utlwileng esale ho qaleng. 8Ke boela ke le ngolla taelo e ntjha, e leng nnete ho yena le ho lona; hobane lefifi le a feta, mme lesedi la nnete le se le hlahile. 9Ya bolelang hore o leseding, athe o hloile ngwanabo, o sa le lefifing le jwale. 10Ya ratang ngwanabo, o dutse leseding, mme ha ho letho ka ho yena le mo kgopisang. 11Empa ya hloileng ngwanabo, o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, kahobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.
12Bana, ke a le ngolla, kahobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae. 13Bontate, ke a le ngolla, kahobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke a le ngolla, kahobane le hlotse e mobe.
14Bana, ke a le ngolla, kahobane le tseba ntate. Bontate, ke le ngoletse, ka hobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke le ngoletse, kahobane le matla, mme lentswe la Modimo le dutse ho lona, mme le hlotse e mobe.
15Se rateng lefatshe, leha e le tse lefatsheng; ekare ha motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ho yena. 16Hobane tsohle tse lefatsheng, takatso ya nama, le takatso ya mahlo, le boikgantsho jwa bophelo, ha di tswe ho Ntate, empa di tswa lefatsheng. 17Mme lefatshe le a feta, le yona takatso ya lona; empa ya etsang thato ya Modimo, o hlola ka ho sa feleng.
Boantikreste.
18Bana, ke nako ya qetello; mme jwalokaha le utlwile hobane antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke kahoo re tsebang hobane ke nako ya qetello. 19Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona. 20Haele lona, le amohetse tlholo ho Ya halalelang, mme le tseba tsohle. 21Ke le ngoletse, e seng kahobane le sa tsebe nnete, empa e le kahobane le a e tseba, mme ho se leshano le tswang nneteng. 22Ya leshano ke mang, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena e leng antikreste. 23E mong le e mong ya latolang Mora ha a bile ha a na le yena Ntate; empa ya bolelang Mora, o bile o na le yena le Ntate.
24Jwale lona, seo le se utlwileng esale ho qaleng, se ke se dule ho lona. Ekare ha seo le se utlwileng, esale ho qaleng, se dula ho lona, le lona le tla dula ho Mora le ho Ntate. 25Mme pallo eo a re baletseng yona, ke bophelo bo sa feleng.
26Ke le ngoletse ditaba tseo ka baka la ba le thetsang. 27Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.
Seo bana ba Modimo ba tshwanetseng ho ba sona, le seo ba tla ba sona.
28Mme jwale, bana, dulang ho yena, hore, mohla a hlahang, re tle re be le tshepo e tiileng, mme re se ke ra swaba pela hae ho hlaheng ha hae. 29Ha le tseba hobane o lokile, le ke le tsebe hoba e mong le e mong ya etsang ho lokileng, o tswetswe ke yena.

Currently Selected:

I JOHANNE 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy