YouVersion Logo
Search Icon

I JOHANNE 4

4
Baruti ba thuto tse kgelohileng.
1Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata. 2Tsebang Moya wa Modimo ka hona: Moya o mong le o mong o bolelang Jesu Kreste ya tlileng nameng, ke wa Modimo; 3mme moya o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng, hase wa Modimo; ke wona moya wa antikreste, eo le mo utlwileng hobane o ya tla, mme le jwale o se a le lefatsheng.
4Bana, haele lona, le tswa ho Modimo, mme le ba hlotse; hobane ya leng ho lona o fetisa ka boholo ya leng lefatsheng. 5Bona ke ba lefatshe; ke ka baka leo ba bolelang tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba utlwa. 6Rona, re ba Modimo; ya tsebang Modimo o a re utlwa; eo e seng wa Modimo ha a re utlwe; ke kahoo re tsebang moya oo e leng wa nnete, le moya oo e leng wa leshano.
Modimo o lerato. Ho ke ho ratwe Modimo le baena.
7Baratuwa, a re rataneng; hobane lerato le tswa ho Modimo, mme e mong le e mong ya ratang o tswetswe ke Modimo, le hona o tseba Modimo. 8Ya sa rateng ha a ka a tseba Modimo; hobane Modimo o lerato. 9Lerato la Modimo ho rona le bonahetse ka hona: Modimo o romile lefatsheng Mora wa wona ya tswetsweng a le mong, re tle re phele ka yena. 10Lerato le bonahala hona moo hoba hase rona ba ratileng Modimo, empa e le wona o re ratileng, mme o romile Mora wa wona hore e be pheko ya dibe tsa rona. 11Baratuwa, haele moo Modimo o re ratile jwalo, le rona e ka kgona re ratane.
12Ha ho motho ya kileng a bona Modimo, le ka mohla o le mong; ha re ratana, Modimo o dutse ho rona, mme lerato la wona le phethehile ho rona. 13Mokgwa oo re tsebang ka wona hobane re dutse ho wona, le wona ho rona, ke hobane o re ngwathetse Moya wa wona. 14Mme rona re bone, hape re bile re dipaki tsa hobane Ntate o romile Mora wa hae, e tle e be Mmoloki wa lefatshe. 15E mong le e mong ya bolelang hore Jesu ke Mora wa Modimo, Modimo o dutse ho yena, mme le yena o dutse ho Modimo. 16Mme rona re tsebile, re bile re dumetse lerato leo Modimo o re ratang ka lona. Modimo o lerato, mme ya dutseng leratong o dutse ho Modimo, mme Modimo le wona o dutse ho yena. 17Moo lerato le phethehang ho rona, re tle re be le tshepo e tiileng ka letsatsi la kahlolo, ke ha seo a leng sona le rona re eba sona lefatsheng lena. 18Ha ho tshabo leratong, empa lerato le phethehileng le leleka tshabo; hobane tshabo e tsamaya le kotlo, mme ya tshabang ha a phetheha leratong. 19Re a mo rata, kahobane e le yena ya re ratileng pele.
20E mong ha a re: Ke rata Modimo, mme a hloya ngwanabo, o leshano; hobane ya sa rateng ngwanabo eo a mmonang, a ka tseba jwang ho rata Modimo oo a sa o boneng? 21Mme re filwe ke wona taelo ena, e reng: Ya ratang Modimo a rate le ngwanabo.

Currently Selected:

I JOHANNE 4: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy