YouVersion Logo
Search Icon

I JOHANNE 1

1
Lentswe la bophelo.
1Se neng se le teng esale ho qaleng, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se bohileng, seo matsoho a rona a se amileng, e leng sa lentswe la bophelo — 2hobane bophelo bo senotswe, mme re bo bone, mme re dipaki tsa jona, mme re le bolella bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme bo senoletswe rona — 3seo re se boneng, seo re se utlwileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ya rona re na le yona le Ntate, le Mora wa hae Jesu Kreste. 4Mme re ngola ditaba tsena, hore thabo ya rona e tle e phethehe.
Modimo ke lesedi; ha ho le jwalo, e ka kgona ho tsamauwe leseding. — Ho ipolelwe dibe. — Tshwarelo e tswa ho Jesu Kreste.
5Ke ena taba eo re e utlwileng ho yena, eo re le bolellang yona, ke hoba Modimo o lesedi, mme ha ho lefifi ho wona le hanyenyane. 6Ha re bolela hore re na le kopano le wona, athe re tsamaya lefifing, teng re leshano, mme ha re etse ka nnete. 7Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.
8Ha re re, ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona. 9Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o a tshepeha, o lokile, hore o re tshwarele dibe, mme o re hlatswe bokgopo bohle. 10Ha re bolela hore ha re na sebe, re o etsa leshano, mme lentswe la wona ha le yo ho rona.

Currently Selected:

I JOHANNE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy