YouVersion Logo
Search Icon

II PETROSE 3

3
Ho tla ha Morena.
1Baratuwa, e se e le lengolo la bobedi leo ke le ngollang lona; mme ka wona a mabedi ke ntse ke re, ke a le hopotsa hore ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng; 2le tle le hopole ditaba tse boletsweng pele ke baporofeta ba halalelang, le molao wa Morena Mmoloki, oo le o beetsweng ke baapostola ba lona; 3le ntse le tseba haholoholo hobane, mehleng ya morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaya ka ditakatso tsa bona, 4ba soma, ba re: E kae pallo ya ho tla ha hae? Hobane, haesale ho eshwa bontate moholo, ntho tsohle di sa ntse di tiile, di sa le jwaloka qalong, ha di hlolwa.
5Hobane ba lebala ka boomo hoba mahodimo a ne a hlolwe kgale ke lentswe la Modimo, le hoba le lona lefatshe le ntshitswe metsing, la bolokwa hara metsi; 6le hoba lefatshe la mehleng eo le timeditswe ka wona, ha le kwahetswe ke metsi. 7Haele mahodimo a jwale le lefatshe la jwale, di boloketswe mollo ke lentswe lona leo, di boloketswe letsatsi la kahlolo, le la tshenyeho ya batho ba nyefolang.
8Feela, baratuwa, se lebaleng taba ena e le nngwe, ya hore letsatsi le le leng pela Morena le jwaloka mengwaha e sekete, le hoba mengwaha e sekete e jwaloka letsatsi le le leng. 9Morena ha a diehise dipallo tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rona; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong. 10Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.
11Jwale, haele moo ntho tseo tsohle di abetswe ho fediswa, e ka kgona le be batho ba matla hakakang diketsong tse halalelang tsa borapedi; 12le ntse le lebeletse, mme le akofisa ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla fediswa ke ho tjha ka lona, mme metheo e tla qhibidiha ke ho tjha! 13Empa re lebeletse, ka pallo ya wona, mahodimo a matjha le lefatshe le letjha moo ho loka ho ikahetseng teng.
14Ka baka leo, baratuwa, erekaha le lebeletse tse jwalo, itiiseng hore le tle le fihlelwe ke yena le ena le kgotso, le se na letheba le sekodi. 15Mme le lemohe hobane mamello ya Morena wa rona, ke poloko; jwalokaha Pauluse, ngwanabo rona ya ratwang, a le ngoletse le yena, ka bohlale boo a bo neilweng; 16jwalokaha a ngola mangolong a hae wohle, moo a bolelang tse jwalo; empa ho wona ho na le ditaba tse ding tse thata, tseo ba sa rutehang le ba tetemang ba di kgopamisetsang tahleho ya bona, jwalokaha ba etsa mangolo a mang.
17Haele lona, baratuwa, ha le se le itsebetse tseo pele, itebeleng, le se tshohe le hulanngwa le ba bang ke thetso ya ba manyala bao, mme la timellwa ke ho tiya ha lona; 18le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona. Ho yena e be kganya jwale le mehleng e sa feleng! Amen!

Currently Selected:

II PETROSE 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy