TSHENOLO 14:9-11
TSHENOLO 14:9-11 SSO89SO
Yaba lengeloi le leng, e leng la boraro, le latela ao ka ho bua ka lentswe le phahameng, le re: “Haeba mang kapa mang a ka kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, mme a fumanwa a ena le letshwao la sona phatleng ya hae, kapa letsohong la hae, le yena o tla nwa jwala bo qhatseditsweng senwelong sa kgalefo ya Modimo bo sa hlapollwa, e leng jwala ba bohale ba Modimo, mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole, kapele ho mangeloi a halalelang, le kapele ho Konyana. Mosi wa tlhokofatso ya batho bao o tla foqohela hodimo kamehla le mehla. Ba kgumamelang sebatana le setshwantsho sa sona, le bohle ba fumanwang ba ena le letshwao la sona, ha ba ka ke ba phomola motsheare le bosiu.”