TSHENOLO 13:14-15
TSHENOLO 13:14-15 SSO89SO
Sa kgelosa baahi ba lefatshe ka mehlolo eo se dumeletsweng ho e etsa pontsheng ya sebatana sa pele. Sa ba bolella hore ba etse setshwantsho sa sebatana se ileng sa ntshwa leqeba ka sabole le hoja se ile sa phela. Sa newa matla a ho etsa hore setshwantsho seo sa sebatana se be le bophelo, hoo se bileng sa bua, mme sa etsa hore bohle ba sa se kgumameleng ba bolawe.