1
MATHEU 26:41
BIBELE
SSO89SO
Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”
ប្រៀបធៀប
រុករក MATHEU 26:41
2
MATHEU 26:38
Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo, hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe le nna.”
រុករក MATHEU 26:38
3
MATHEU 26:39
A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”
រុករក MATHEU 26:39
4
MATHEU 26:28
hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.
រុករក MATHEU 26:28
5
MATHEU 26:26
Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, mme a bo nea barutuwa ba hae, a re: “Nkang le je; hona ke mmele wa ka.”
រុករក MATHEU 26:26
6
MATHEU 26:27
A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle
រុករក MATHEU 26:27
7
MATHEU 26:40
A tla ho barutuwa, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na ebe le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe?
រុករក MATHEU 26:40
8
MATHEU 26:29
Ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka nwa seno se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa le lona Mmusong wa Ntate se le setjha.”
រុករក MATHEU 26:29
9
MATHEU 26:75
Petrose a hopola polelo ya Jesu ha a itse ho yena: “Mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.” A tswela kantle, a lla habohloko.
រុករក MATHEU 26:75
10
MATHEU 26:46
Tsohang, a re yeng; ya nkekang ke enwa, o se a atametse.”
រុករក MATHEU 26:46
11
MATHEU 26:52
Yaba Jesu o re ho yena: “Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwarang sabole ba tla bolawa ka sabole.
រុករក MATHEU 26:52
គេហ៍
ព្រះគម្ពីរ
គម្រោងអាន
វីដេអូ