GENESE 47

47
1Yaba Josefa o a ya, a tsebisa Faro, a re: Ntate o tswile Kanana, a na le banabeso, le manku a bona, le makgomo a bona, le ntho tsohle tsa bona, mme ke bao naheng ya Goshene. 2A ba a nka banna ba bahlano ho banababo, a ba hlahisa pela Faro. 3Faro a re ho banababo Josefa: Mosebetsi wa lona ke ofe? Ba re ho Faro: Bahlanka ba hao re badisa, rona le bontata rona. 4Ba ba ba re ho Faro: Re tlile ho jaka naheng ena, hobane ha ho makgulo a mehlape ya bahlanka ba hao, ka hoba tlala e kgolo naheng ya Kanana, mme re a o rapela jwale, hore bahlanka ba hao ba ke ba ahe naheng ya Goshene. 5Faro a bolella Josefa, a re: Ntatao le banabeno ba tlile ho wena. 6Naha ya Egepeta e pela hao; bea ntatao le banabeno naheng e fetisang ka botle, o ba bee naheng ya Goshene, mme ha o tseba banna ba mahlahahlaha hara bona, o ba bee bahlahlobi ba mehlape ya ka. 7Josefa a tlisa Jakobo, ntatae, a mmea pela Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro. 8Faro a re ho Jakobo: Ditshiu tsa ho phela ha hao di kae na? 9Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona. 10Jakobo a hlohonolofatsa Faro, mme a tloha pela Faro. 11Yaba Josefa o bea ntatae le banababo, a ba nea sebaka naheng ya Egepeta, mononong wa naha, naheng ya Ramsese, kamoo Faro a neng a buile kateng. 12Josefa a otla ntatae ka bohobe, le banababo, le ntlo ya ntatae kaofela, a ba lekanyetsa ka bongata ba bana.
13Bohobe bo ne bo le siyo lefatsheng lohle, hobane tlala e ne e totile haholo, mme naha ya Egepeta le naha ya Kanana di ne di tepeletse ka baka la tlala. 14Josefa a bokella ditjhelete tsohle tse neng di le teng lefatsheng la Egepeta le lefatsheng la Kanana, e leng tsona tsa koro eo ba e rekang, mme Josefa a tlisa ditjhelete tseo ka tlung ya Faro. 15Eitse ha ditjhelete di fedile naheng ya Egepeta le naheng ya Kanana, Baegepeta kaofela ba tla ho Josefa, ba re: Re fe bohobe; a re ka hla ra shwa pela hao haele mona tjhelete e fedile na? 16Yabo Josefa o re: Tlisang makgomo a lona, ke tla le fa bohobe bakeng sa makgomo a lona, ha ditjhelete di fedile. 17Yaba ba tlisa makgomo a bona ho Josefa, mme Josefa a ba nea bohobe bakeng sa dipere, le sa manku le sa mehlape ya makgomo, le sa diesele, mme a ba fepa ka bohobe ka selemo seo sohle bakeng sa mehlape ya bona.
18Selemo seo ha se fetile, ba tla ho yena ka lemo sa hlahlamang, ba re ho yena: Monghadi, re ke ke ra o patela hoba tjhelete e fedile, le mehlape ya dintho e feletse ho mong a rona, mme ha ho letho le setseng pela mong a rona, haese mmele ya rona le masimo a rona. 19Na re ka shwa jwang pela hao, rona le lefatshe la rona? Ako re reke jwale, rona le masimo a rona, ka bohobe, mme rona le masimo a rona re tla ba bahlanka ba Faro, mme u re nee peo, re tle re phele, mme re se ke ra shwa, mme masimo a rona a se ke a fetoha nahathothe. 20Yaba lefatshe lohle la Egepeta Josefa o le rekela Faro, hobane Baegepeta ba ne ba rekisa e mong le e mong ka tshimo ya hae, kahobane tlala e ne e ba qetile, mme naha ya ruwa ke Faro. 21Haele batho, a ba bokella metseng, ho tloha meeding e ka nqa e nngwe ya Egepeta ho isa nqa e nngwe. 22Feela, naha ya baprista a se ke a e reka, ka hoba baprista ba ne ba na le kabelo e lekantsweng ke Faro, mme ba eja kabelo ya bona eo ba neng ba e fuwa ke Faro; ke ka baka leo ba sa kang ba rekisa ka masimo a bona. 23Josefa a re ho setjhaba: Bonang, ke le rekelletse Faro kajeno le masimo a lona; peo ya lona ke ena, le tle le leme naha. 24Etlare mohla ho kotulwang, karolo ya bohlano le tla e nea Faro, mme karolo tse nne e tla ba tsa lona bakeng sa ho jala masimo le sa ho le fepa le ba matlo a lona, le sa ho fepa bana ba lona. 25Ba re: O re pholositse! mme jwale, a re boneng mohau mahlong a morena, mme re tla ba bahlanka ba Faro. 26Ebile moo Josefa a hlomang molao lefatsheng la Egepeta, ho fihlela kajenoabokajeno, hore Faro a newe karolo ya bohlano; masimo a baprista ke wona feela a sa kang a nkwa ke Faro.
27Yaba Iseraele o aha lefatsheng la Egepeta, naheng ya Goshene, mme ba rua teng, ba ata, ba ngatafala haholoholo.
28Jakobo a phela lefatsheng la Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; ditshiu tsa dilemo tsa bophelo ba Jakobo ya eba dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng. 29Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta, 30ke mpe ke phomole le bontate; o ntlose Egepeta, o ye ho mpata mabitleng a bona. A re: Ke tla etsa jwalokaha o boletse. 31A re: Nkanele. Mme a mo anela. Yaba Iseraele o inamela mosamong wa malao a hae.

اکنون انتخاب شده:

GENESE 47: SSO61-SO

های‌لایت

کپی

مقایسه

به اشتراک گذاشتن

None

می خواهید نکات برجسته خود را در همه دستگاه های خود ذخیره کنید؟ برای ورودثبت نام کنید یا اگر ثبت نام کرده اید وارد شوید