YouVersion Logo
Search Icon

SOFONEA 1

1
1Mehleng ya puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Sofonea, mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedaleya, Gedaleya ya tswalwang ke Amariya, Amariya ya tswalwang ke Hesekiya.
Letsatsi la Morena la kahlolo
2“Tsohle tse lefatsheng
ke tla di fedisa,”
ho rialo Morena.
3“Ke tla timetsa batho,
ke timetse diphoofolo,
ke timetse nonyana
tse fofang sepakapakeng,
ditlhapi tsa lewatle
le tsona ke di timetse.
Ke tla fedisa dikgopiso
mmoho le ba kgopo,
batho bohle lefatsheng
le bona ke ba timetse,”
ho rialo Morena.
Kahlolo ya Juda
4“Ke tla otlolla tsoho la ka,
ke le otlollele hodima Juda,
ke le otlollele le hodima Jerusalema.
Masalla wohle a Baale ke tla a fedisa,
ke a fedise sebakeng sena,
le baprista ba bohata ke ba fedise;
5bona ba obamang
ba le hodima matlo,
bona ba obamang,
ba kgumamela dinaledi,
ba kgumamela kgwedi,
ba kgumamela letsatsi,
bona ba obamang,
ba hlapanye ka bitso la Morena,
empa ba ntse ba hlapanya
le ka Milekome.
6Batho bana
ke ba furaletseng Morena,
ba mo furalla, ba se ke ba mmatla,
leha e le hona ho ipiletsa ho yena.
7Kgutsang ha le le kapele ho Morena,
kapele ho Morena Modimo,
hobane tsatsi la Morena le atametse.
Morena o sa lokisitse sehlabelo,
le bamemuwa ba hae
o sa ba kgethile.
8Mohla Morena a etsang sehlabelo,
ke tla otla mahosana
le bara ba kgosi,
le bohle ba apereng meaparo esele.
9Mohla tsatsi leo ke tla otla,
ke otle ba sa hateng
kosene ya monyako,
ke otle ba tlatsang
ntlo ya mong bona,
ba e tlatse
ka tse hapilweng ka dikgoka,
ba e tlatse
ka tse hapilweng ka bolotsana.
10“Mohla tsatsi leo,”
ho rialo Morena,
“mokgosi o tla utlwahala
Monyakong wa Ditlhapi,
seboko se utlwahale
se etswa motsemotjha,
le modumo o moholo
o utlwahale maralleng.
11Bokollang, lona ba ahileng
tlase ho motse,
hoba bahwebi bohle ba lona
ba tla fediswa,
bohle ba ananyang ka silefera
ba timetswe.
12Ka nako eo
Jerusalema ke tla e lekola,
ke e lekole
ke e kgantshitse ka mabone;
ke otle bohle ba dutseng ba iketlile,
ba kang maritsa a veine a qitile,
ba duletseng ho bua ka pelo, ba re:
‘Morena a ke ke be a etsa letho,
a ke ke be a etsa botle
leha e le bobe.’
13Matlotlo a bona a tla lobelwa,
matlo a bona a heletswe,
e be masupi.
Matlo a bona wona ba tla a haha,
empa ha ba ka ke ba dula ho wona;
morara le wona ba tla o hloma,
empa veine ya wona
ha ba ka ke ba e nwa.”
Letsatsi le leholo la Morena
14“Tsatsi le leholo la Morena
le atametse, le tla le potlakile,
Utlwang, tsatsi la Morena ke leo!
Mohlabani o tla howa a se na tshepo.
15Tsatsi leo ke tsatsi la kgalefo,
ke tsatsi la tlokotsi le la mahlomola,
ke tsatsi la timelo le la tshenyeho,
ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana,
tsatsi le phetheselang maru,
maru a matshomatsho!
16Ke tsatsi la lenaka ho houtsa,
ke tsatsi la mokgosi wa ntwa,
ke tsatsi la ho futuhela metse,
la ho futuhela marako,
marako a tshireletso!
17Ke tla bakela batho mahlomola,
tsela ba e phopholetse sa difofu,
hoba ba entse sebe,
ba sitetswe Morena.
Madi a bona
a tla tsholoha sa lehlabathe,
mala a bona
a petletsehe sa bolokwe.
18Mohla tsatsi leo
la kgalefo ya Morena,
silefera ya bona,
esita le yona kgauta,
tsena ha di ka ke
tsa tseba ho ba pholosa.
Kgalefo ya Morena
e tukang malakabe,
e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle.
Baahi bohle ba lefatshe
o tla ba timetsa,
a ba timetse hang,
ka ho panya ha ntshi.”

Currently Selected:

SOFONEA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy