YouVersion Logo
Search Icon

HABAKUKE 3

3
Thapelo ya Habakuke
1Ena ke thapelo ya moporofeta Habakuke. Ke kodi-ya-malla.
2Morena, botumo ba hao
ke bo utlwile,
le yona mesebetsi ya hao
ke a e tshaba, Morena.
Ako e ntjhafatse
mehleng ena ya rona,
o etse hore e tsejwe
bophelong ba rona,
leha o halefile
o nno hopole ho hauhela.
3Modimo o fihlile a etswa Temana,
Ya Halalelang
a etswa Thabeng ya Parane.
Tlotla e aparetse mahodimo,
fatshe le tletse dithoko tsa hae.
4Kganya ya hae
e ka mahlasedi a letsatsi,
ka diatleng tsa hae
mahlasedi a a betseha!
Ke moo matla a hae
a patehileng teng.
5Lefu la sewa le mo eteletse pele,
feberu yona
e latela mehlaleng ya hae.
6Ha a ema, lefatshe la sisinyeha,
ha a tadima, merabe ya thothomela;
dithaba tsa boholoholo tsa heleha,
maralla a kgalekgale a batalla.
Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle.
7Ke bone baahi ba Kushane
ba tshohile haholo,
le baahi ba Midiane
ba otlanya mangwele.
8Morena,
na o ne o halefetse dinoka?
Na kgalefo ya hao
e ne e tloketse melatswana,
kapa o ne o halefetse lewatle,
ha o no palame dipere tsa hao,
o kaletse kariki tsa hao tsa tlholo?
9O ila hula seqha sa hao
wa se tjheha,
metsu e tletse ka sehlajweng sa hao,
wa patsola lefatshe,
dinoka tsa phalla.
10Dithaba tsa o bona,
yaba di a reketla,
diphororo tsa metsi tsa phorosela,
bodiba ba metsi le bona ba hwasa,
yaba maqhubu
bo a akgoletsa hodimo.
11Letsatsi le kgwedi
tsa ema themelele!
ha metsu ya hao e bebang
e tsekema,
ha rumo la hao le benyang
le phatsima.
12Wa hata hodima lefatshe o halefile,
wa hatakela ditjhaba o hlokofetse.
13O no futuha
ho ya lopolla tjhaba sa hao,
o ilo pholosa motlotsuwa wa hao.
Molaodi wa ba kgopo
o mo timeditse,
wa mo hlobodisa
ho tloha hodima hlooho,
wa mo hlobodisa ho ya tswa leotong.
14Ka metsu ya hae
molaodi wa na wa mo hlaba,
mohla bahlabani
ba neng ba re futuhetse,
ba re futuhetse hore ba re qhalanye,
ba thabetse ho bolaya bahlophehi,
bahlophehi ba neng ba ipatile.
15Wa hatakela lewatle
ka dipere tsa hao,
bodiba bo boholo wa bo lwebehlanya.
16Ha ke utlwa ke ile ka ferekana,
ka bebenya melomo
ha ke utlwa modumo oo;
masapo a ka a qala ho bola,
maoto a ka le wona a rerekela.
Empa tsatsi la koduwa
ke tla le lebella,
tsatsi leo ke le lebelle ka mamello,
hore le tjhabele
tjhaba se re futuhetseng.
17Leha fate sa feiye
se ke ke sa fupa,
kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
leha mohlwaare
o ke ke wa beha ditholwana,
kapa kotulo ya eba siyo masimong;
leha masaka a dikgutswane a ka oma,
kapa masaka a dikgomo
a mela mohlwa,
18nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
ke nyakallele Modimo,
Mopholosi wa ka.
19Morena Modimo ke yena
ya mmatlafatsang,
ya potlakisang maoto a ka
jwaloka a dikgama,
ya ntsamaisang hodima dihlaba.
Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.

Currently Selected:

HABAKUKE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy