YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 7

7
Papiso e nkuwang lenyalong
1Bana beso, na ha le tsebe hore molao o busa motho ka nako yohle eo a ntseng a phela ka yona? Etswe ke bua le ba tsebang molao. 2Mosadi ya nyetsweng o tlameletswe ke molao ho monna wa hae, ha monna a ntse a phela, empa ha monna a shwele, o lokolotswe molaong wa monna. 3Ka baka leo, ha monna wa hae a ntse a phela, o tla bitswa mofebi ha e ka ba wa monna e mong, empa ha monna wa hae a shwele, mosadi o lokolotswe molaong, hore e se be mofebi ha e ka ba wa monna e mong.
4Ka mokgwa o jwalo, bana beso, le lona le shwele ka nqeng ya Molao wa Moshe, ka baka la ho ba mmele wa Kreste, hore le be ba e mong: Ke ho re le be ba ya tsohileng bafung, e le hore re tle re etse mosebetsi wa Modimo. 5Ha re ne re sa ntsane re phela ka tsa botho, ditakatso tsa sebe tse leotswang ke Molao di ne di sebetsa dithong tsa rona, hore di tle di etse mosebetsi wa lefu. 6Empa jwale, kaha re shwele ka nqeng ya se neng se re tshwere, re lokolotswe Molaong, hore re sebeletse Modimo ka moya o motjha, e seng ka Molao wa kgale.
Qaka ya sebe ka ho motho
7Jwale re tla reng? Na Molao ke sebe? Le kgale! Leha ho le jwalo, nka be ke sa tsebe sebe hoja e se be ka Molao; le takatso nka be ke sa e tsebe, ha Molao o ne o sa re: “O se ke wa lakatsa.” 8Ka taelo eo sebe se ile sa fumana monyetla wa ho hlahisa ka ho nna ditakatso tsa mefuta yohle, hobane ha molao o le siyo, sebe se shwele. 9Pelepele, ho eso be le Molao, ke ne ke ikutlwa ke phela, empa ha taelo e se e le teng, sebe sa qala ho phela, 10mme nna ka shwa. Taelo e neng e tshwanetse ho tlisa bophelo, ka fumana e ntlisetsa lefu, 11hobane ka taelo eo sebe se ile sa fumana monyetla wa ho nthetsa, mme ka yona sa mpolaya. 12Ka hona molao o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.
13Na ke ho re ntho e molemo ee e ntliseditse lefu? Le kgale! Ke sebe se ntliseditseng lefu ka ntho ena e molemo, hore se tle se bonahale e le sebe. Ka taelo, sebe e tla ba sebe ka ho fetisisa.
14Re a tseba hore Molao ke wa moya, athe nna ke wa nama, ke lekgoba la sebe. 15Ha ke tsebe seo ke se etsang, hobane seo ke ratang ho se etsa ha ke se etse, empa ke etsa seo ke se nyonyang. 16Ha ke etsa seo ke sa rateng ho se etsa, hona ke ho dumela hore molao o nepahetse. 17Jwale ha e sa le nna ya se etsang, empa se etswa ke sebe se ahileng ka ho nna. 18Ke a tseba hore ha ho tse lokileng ka ho nna, ke ho re ka bothong ba ka, hobane le hoja ke rata ho etsa tse ntle, empa ketso ha e tshwane le thato. 19Tse lokileng tseo ke ratang ho di etsa ha ke di etse, empa ke etsa tse mpe tseo ke sa di rateng. 20Haeba ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le nna ya se etsang, empa se etswa ke sebe se ahileng ka ho nna.
21Jwale ke fumana ho le tjena: Ha ke rata ho etsa tse ntle, ke etsa tse mpe. 22Bothong ba ka ba moya ke thabela Molao wa Modimo, 23empa bothong ba ka ba nama ho teng molao osele, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o nkenyang ditlamong tsa molao wa sebe o teng bothong ba ka. 24Ke motho ya soto hakaakang! Ke mang ya tla ntokolla boemong boo bo nkisang lefung? 25A ho lebohuwe Modimo ya re lokolotseng ka Jesu Kreste, Morena wa rona!
Nna, ka bonna, ke sebeletsa Molao wa Modimo ka kelello feela, empa ka botho ke sebeletsa molao wa sebe.

Currently Selected:

BAROMA 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy