1
BAROMA 7:25
BIBELE
SSO89SO
A ho lebohuwe Modimo ya re lokolotseng ka Jesu Kreste, Morena wa rona! Nna, ka bonna, ke sebeletsa Molao wa Modimo ka kelello feela, empa ka botho ke sebeletsa molao wa sebe.
2
BAROMA 7:18
Ke a tseba hore ha ho tse lokileng ka ho nna, ke ho re ka bothong ba ka, hobane le hoja ke rata ho etsa tse ntle, empa ketso ha e tshwane le thato.
3
BAROMA 7:19
Tse lokileng tseo ke ratang ho di etsa ha ke di etse, empa ke etsa tse mpe tseo ke sa di rateng.
4
BAROMA 7:20
Haeba ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le nna ya se etsang, empa se etswa ke sebe se ahileng ka ho nna.
5
BAROMA 7:21-22
Jwale ke fumana ho le tjena: Ha ke rata ho etsa tse ntle, ke etsa tse mpe. Bothong ba ka ba moya ke thabela Molao wa Modimo
6
BAROMA 7:16
Ha ke etsa seo ke sa rateng ho se etsa, hona ke ho dumela hore molao o nepahetse.