YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 6

6
Ba shweleng ka nqeng ya sebe ba phela ho Kreste
1Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate? 2Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang? 3Kapa ha le tsebe hore rona bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefu la hae? 4Ka kolobetso re epetswe le yena, ra ba le kabelo lefung la hae, e le hore, jwalokaha Kreste a tsohile bafung ka matla a tlotlehang a Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tle re phele bophelo bo botjha.
5Ha re se re entswe ntho e le nngwe le Kreste ka lefu le tshwanang le la hae, re tla ba jwalo le ka tsoho e tshwanang le ya hae. 6Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore boleng ba rona bo buswang ke sebe bo timetswe, re tle re se hlole re eba makgoba a sebe, 7hobane ya shweleng o lokolotswe sebeng.
8Haeba re shwele le Kreste, le teng re dumela hore re tla phela le yena; 9kaha re tseba hore Kreste ya tsohileng bafung ha a ka ke a hlola a eshwa hape, lefu ha le sa na matla hodima hae. 10Ho shweng ha hae, o shwele hanngwe feela ka nqeng ya sebe, empa ho pheleng ha hae, o phelela Modimo.
11Ka mokgwa o jwalo le lona le inke le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le le ba phelelang Modimo ho Kreste Jesu.
12Ha ho le jwalo, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, sa etsa hore le mamele ditakatso tsa botho. 13Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka. 14Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.
Makgoba a sebeletsang ho loka
15Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale! 16Na ha le tsebe hore ha le ineela motho ho ba makgoba a hae le ho mo mamela, le makgoba a eo le mo mamelang; e bang ke sebe se isang lefung, kapa mamelo e isang ho lokeng? 17A ho lebohuwe Modimo, hobane le ne le le makgoba a sebe, empa le mametse ka dipelo tsa lona tsohle mofuta wa thuto eo le e neilweng. 18Le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a ho loka.
19Ke bua ka mokgwa wa batho ka baka la bofokodi ba lona ba botho. Jwalokaha le ne le neelane ka ditho tsa lona ho ba makgoba a manyala le a bokgopo, hore le be kgopokgopo, ka mokgwa o jwalo, kajeno neelanang ka ditho tsa lona ho ba makgoba a ho loka hore le tle le halalele. 20Ha le ne le sa le makgoba a sebe, le ne le sa laolwe ke ho loka. 21Jwale ke dife tseo le ileng la di kotula nakong eo, ka ho etsa tseo, tse le hlabisang dihlong kajeno? Qetello ya tsona ke lefu. 22Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng. 23Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.

Currently Selected:

BAROMA 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy