YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 10

10
1Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapelo eo ke ba rapellang ka yona ho Modimo, ke hore ba pholoswe. 2Ke paki ya bona ya hore ba tjhesehela Modimo, leha e se ka tsebo ya nnete. 3Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo, 4hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.
Ho pholoswa ke ha bohle
5Moshe ha a ngola ka ho loka ho tswang Molaong, o re: “Motho ya phethang Molao o tla phela ka hona.” 6Empa ha ho buuwa ka ho loka ho tswang tumelong, ho thwe: “O se ke wa re ka pelong ya hao: ‘Ke mang ya tla nyolohela lehodimong?’ ” hore a yo theola Kreste teng. 7“Kapa: ‘Ke mang ya tla theohela botebong ba lefatshe?’ ” hore a yo nyolla Kreste bafung. 8Ho thweng hape?
“Lentswe le haufi le wena,
le molomong wa hao
le ka pelong ya hao,”
e leng lentswe la tumelo, leo re le phatlalatsang. 9Ha o bolela Morena Jesu ka molomo wa hao, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla pholoswa. 10Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe, 11hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.” 12Ha ho kgethollo pakeng tsa Mojuda le moditjhaba, hobane Kreste ke yena Morena wa bohle, ya ruisang bohle ba mo rapelang. 13Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa.
14Ha ho le jwalo, ba ka rapela jwang eo ba sa dumelang ho yena? Ba ka dumela jwang eo ba sa kang ba utlwa tsa hae? Ba ka di utlwa jwang ho se ya di bolelang? 15Ba ka di bolela jwang ha ba sa rongwa? Ho jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “A matle hakaakang maoto a ba phatlalatsang molaetsa o molemo!”
16Empa hase bohle ba mametseng molaetsa o molemo, hobane Esaya o itse: “Morena, ke mang ya dumelang seo re se bolelang?” 17Jwale tumelo re e fumana ka ho utlwa, mme seo re se utlwang ke lentswe la Kreste. 18Empa ke a botsa: Na ha ba a ka ba utlwa? Ba fela ba utlwile.
“Lentswe la bona
le utlwahetse lefatsheng lohle,
mme dipolelo tsa bona
di fihlile dipheletsong,
di fihlile pheletsong tsa lefatshe.”
19Jwale ke re: Na Baiseraele ha ba a ka ba utlwisisa? Moshe o ne a se a ile a re:
“Nna ke tla le bakela lefufa
ka bao e seng setjhaba,
ke tla le halefisa
ka setjhaba se sethoto.”
20Esaya yena o bile sebete hoo a ileng a re:
“Ke fumanwe
ke ba neng ba sa mpatle,
ke itshenoletse
ba neng ba sa botse letho ka nna.”
21Athe ho Baiseraele o itse: “Ke qetile tsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka setjhabeng se sa mameleng, se hanyetsang.”

Currently Selected:

BAROMA 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy