YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 11

11
Methwaela e setseng ya Iseraele
1Jwale ke a botsa: Na Modimo o lahlile setjhaba sa hae na? Le kgale! Le nna ke Moiseraele, ke setloholo sa Aborahama, ke wa leloko la Benjamine. 2Modimo ha a a lahla setjhaba sa hae seo a se tsebileng e sa le pele. Kapa na ha le tsebe seo Mangolo a se bolelang ka Elia, ha a ne a lla ho Modimo ka Baiseraele, a re: 3“Morena, ba bolaile baporofeta ba hao, ba dihile dialetare tsa hao; ke setse ke le mong, mme ba batla ho mpolaya.” 4Empa Modimo o mo arabile jwang? O re: “Ke ipoloketse banna ba kete tse supileng, ba sa kang ba kgumamela Baale.” 5Le nakong ya jwale ho ntse ho le jwalo: methwaela e setseng e teng e ileng ya kgethwa ka mohau wa Modimo. 6Empa haeba e le ka mohau, ha e sa le ka baka la diketso; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau.
7Jwale? Seo Baiseraele ba neng ba se batla, ha ba a ka ba se fumana, empa bakgethwa ba se fumane. Ha e le ba bang ba thotofaditswe, 8jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:
“Modimo o ba neile moya
o se nang kutlwisiso,
mahlo a sa boneng,
le ditsebe tse sa utlweng,
ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.”
9Le Davida o re:
“Dijo tsa bona
e ke e be leraba le letlowa,
di etse hore ba we, mme ba otlwe;
10mahlo a bona a fifale,
ba se ke ba bona;
o kotlobanye mekokotlo
ya bona kamehla.”
Ho pholoswa ha baditjhaba
11Jwale ke a botsa: Na Baiseraele ba ile ba kgoptjwa hore ba wele ruri? Le kgale! Empa ka baka la tshito ya bona, ho pholoswa baditjhaba, e le hore Baiseraele ba tle ba be lefufa. 12Ha e le mona tshito ya bona e ruisitse lefatshe, mme bokwenehi ba bona bo ruisitse baditjhaba, tshokoloho ya bona bohle e tla ruisa lefatshe hakaakang!
13Jwale ke bua le lona, baditjhaba. Kaha ke le moapostola wa baditjhaba, ke motlotlo ka mosebetsi wa ka, 14mme mohlomong nka etsa hore setjhaba sa heso se be lefufa, ke tle ke pholose ba bang ba sona. 15Haesita ho furallwa ha sona ho tlisitse poelano ya lefatshe le Modimo, ho amohelwa ha sona ho tla tlisa eng, haese bophelo ho ba shweleng? 16Ha senkgwa sa pele se nyehellwa Modimo, dinkgwa tsohle tsabo sona di a halalela, mme ha motso wa sefate o halalela, le makala a sona a a halalela.
17Haeba makala a mang a sefate sa mohlwaare wa hae a kgaotswe, mme wena, o leng mohlwaare wa naha, o hlomathiseditswe ho sona, mme wa ba le kabelo lerong le tswang motsong wa sona, 18o se ke wa ikgohomosetsa makala a kgaotsweng. O ka ikgohomosa kang, e se wena ya fepang motso, e le motso o o fepang? 19Empa o tla re: “Makala a kgaotswe hore nna ke hlomathisetswe sefateng.” 20E, ho jwalo. A kgaotswe ka baka la ho se dumele, athe wena o hlomathetse ka baka la tumelo. O se ke wa ikakasa, o mpe o tshabe, 21hobane ha Modimo a sa ka a qenehela makala ao a sefate, a tlhaho, le wena a ke ke a o qenehela.
22Ha ho le jwalo, bona mosa le bohale ba Modimo. O halefetse ba weleng, empa o mosa ho wena, haeba o itshwareletse ka mosa oo; ho seng jwalo le wena o tla rengwa. 23Le bona, ha ba ka kgaotsa ho se dumele, ba tla hlomathiswa, hobane Modimo o na le matla a ho boela a ba hlomathisa. 24Ha e le mona wena, eo ka tlhaho o leng lekala la mohlwaare wa naha, o remilwe, mme o hlomathiseditswe mohlwaareng wa hae, ka mokgwa oo e seng wa tlhaho, ho tla ba bonolo hakaakang, ho bao ka tlhaho e leng makala a mohlwaare wa hae, hore ba boele ba hlomathiswe mohlwaareng wa bona!
Ho pholoswa ha setjhaba sa Iseraele
25Bana beso, ho na le sephiri seo ke sa rateng hore le hloke tsebo ya sona, esere la ipona le le bohlale: e leng hore karolo e itseng ya setjhaba sa Iseraele e tla thatafala ho fihlela ha ho kene palo e lekaneng ya baditjhaba. 26Ka mokgwa ona setjhaba sa Iseraele kaofela se tla pholoswa, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:
“Molopolli o tla tswa Sione,
o tla tlosa ho se tshabe Modimo
ho ba leloko la Jakobo.
27Sena ke sona selekane
seo ke tla se etsa le bona,
ha ke tlosa dibe tsa bona.”
28Bona ba fetohile dira tsa Modimo, hore lona le tle le amohele molaetsa o molemo. Kaha ba khethilwe ke Modimo, ke baratuwa ba hae, ka baka la baholoholo, 29hobane Modimo ha a kwenehele bao a ba sitsitseng, le bao a ba bitsitseng. 30Pele le ne le sa mamele Modimo, empa kajeno le hauhetswe ka baka la ho se mamele ha setjhaba sa Iseraele. 31Ka mokgwa o jwalo, le sona kajeno ha se mamele, e le hore, ka baka la ho hauhelwa ha lona, le sona se tle se hauhelwe. 32Modimo o tloheletse bohle ho ipea ditlamong tsa ho se mamele, e le hore a tsebe ho hauhela bohle.
33Borui, le bohlale,
le tsebo ya Modimo
di kaakang!
Dikahlolo tsa hae
di ka hlaloswa jwang!
Ditsela tsa hae
di ka utlwisiswa jwang!
34“Ke mang
ya tsebang mehopolo ya Morena?
Ke mang
eo e bileng moeletsi wa hae?”
35“Kapa ke mang
ya kileng a mo fa ho hong,
hore a tle a mo buseletse?”
36Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!

Currently Selected:

BAROMA 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy