YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 9

9
Kamoo Modimo a kgethileng Iseraele kateng
1Ka Kreste, ke bua nnete, ha ke bue leshano; le letswalo la ka le buswang ke Moya o Halalelang, le a mpakela 2hore ka pelong ya ka ke na le maswabi a maholo le bohloko bo sa kgaotseng. 3Ke ne nka lakatsa hore ke be ya rohakehileng, ya arohantsweng le Kreste, bakeng sa baheso, bao ke leng seng le bona ka tswalo. 4Ke Baiseraele, ke ba entsweng bana ba Modimo, ke ba neilweng tlotla, le dilekane, le Molao, le tshebeletso ya nnete ya Modimo, le ditshepiso. 5Ke ditloholo tsa baholoholo, ke bao Kreste a tswileng ho bona ka tswalo, yena eo e leng Modimo, ya renang hodima tsohle, ya bokwang ka ho sa feleng. A ho be jwalo!
6Empa hase hore lentswe la Modimo ha le a ka la atleha, hobane hase hore ditloholo tsohle tsa Iseraele ke Baiseraele ba sebele. 7Hape hase hore ditloholo tsohle tsa Aborahama ke bana ba hae, empa ho ngotswe, ho thwe: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.” 8Hona ke ho bolela hore bao e leng bana ba Modimo hase ba tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng, empa ba tswetsweng ka ho ya ka tshepiso, ke bona ba nkwang e le ditloholo tsa sebele; 9etswe mantswe a tshepiso a re: “Ka yona nako ena ke tla tla hape, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”
10Empa hase ho fela. Rebeka o ile a emola mafahla ka ntata rona Isaka. 11Yare bana ba eso tswalwe, ba eso etse letho le letle kapa le lebe, hore morero wa Modimo, o yang kamoo a ikgethelang kateng, o tle o tiye, 12e se be o tswalwang ke diketso, e mpe e be o tswang ho ya bitsang, ho ile ha thwe ho Rebeka: “E moholo o tla sebeletsa e monyenyane;” 13jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ratile Jakobo ho ena le Esau.”
14Jwale re tla reng? Na Modimo ha a na toka? Le kgale! 15O itse ho Moshe: “Ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke utlwele bohloko eo ke mo utlwelang bohloko.” 16Ka baka leo, hase taba ya thato kapa ya boiteko ba motho, empa ke ya mohau wa Modimo, 17hobane Mangolong ho itswe ho Faro: “Ke o entse kgosi ka lebaka lona lena: hore ke bontshe matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.” 18Ka baka leo, Modimo o a hauhela, ha a rata; le teng ha a rata, o a thatafatsa.
Kgalefo le mohau wa Modimo
19Jwale o tla re ho nna: “Ke ka baka lang Modimo a sa ntseng a bona phoso ho motho? Ke mang ya ka hanyetsang thato ya hae?” 20Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?” 21Na sebopi sa dipitsa ha se na matla hodima letsopa, a ho etsa ka kgwabi e le nngwe pitsa tse pedi, e nngwe e le ya mesebetsi e kgethehileng, e nngwe e le ya mesebetsi ya kamehla?
22Re ka reng, haeba Modimo a ne a rata ho bontsha kgalefo ya hae, le ho tsebahatsa matla a hae, mme a mameletse ka boiphapanyo bo boholo dibopuwa tseo a neng a di halefetse, tse loketseng ho timela? 23Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele; 24e leng rona bao a ba bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara baditjhaba. 25Ho jwalokaha a bolela bukeng ya Hosea, a re:
“Setjhaba seo e neng e se sa ka,
ke tla se bitsa setjhaba sa ka;
le mosadi ya neng a sa ratwe,
ke tla mmitsa moratuwa,
26mme ho tla etsahala hore
moo ho neng ho itswe ho bona:
‘Ha le setjhaba sa ka,’
hona teng ba tla bitswa bana,
bana ba Modimo ya phelang.”
27Le yena Esaya o phatlalatsa tsa Iseraele, o re: “Leha palo ya bana ba Iseraele e ka ba kaalo ka lehlabathe la lewatle, ke methwaela feela e tla pholoha, 28hobane Morena o tla phethahatsa kahlolo ya hae lefatsheng ka ho tlala, le hona ka potlako.”
29Ho jwalokaha Esaya a boletse pele, a re:
“Hoja Morena wa mabotho
a sa ka a re siela mahlatsipa,
re ka be re le ile
ra ba jwaloka Sodoma,
re ka be re ile
ra tshwana le Gomora.”
Iseraele le Molaetsa o Molemo
30Jwale re tla reng? Re re baditjhaba ba neng ba sa labalabele ho loka ba fumane ho loka, e le ho loka ho tswang tumelong. 31Empa Baiseraele ba neng ba labalabela molao o lokafatsang ha ba a ka ba o fumana. 32Hobaneng? Hobane ba ne ba shebile diketso, e seng tumelo. Ba kgopilwe ke lejwe le kgopang, 33jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:
“Bonang,
Sione ke bea lejwe le kgopang,
lefika la kgopiso,
empa ya dumelang ho lona
ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”

Currently Selected:

BAROMA 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy