YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 21

21
Lehodimo le letjha le lefatshe le letjha
1Jwale ka bona lehodimo le letjha, le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la kgale le lefatshe la kgale di fetile, mme lewatle ha le sa le yo. 2Ka boela ka bona motse o halalelang, Jerusalema e ntjha, o theoha lehodimong, ho Modimo, o hlophehile hantle, jwaloka monyaduwa ha a ikgabiseditse monyadi wa hae. 3Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona. 4O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”
5Ya dutseng teroneng a re: “Bona, ke ntjhafatsa tsohle.” A ba a re: “Ngola: Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete.”
6A nto re: “Ho phethahetse. Ke nna Alfa le Omega, Qalo le Qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nwesa sedibeng sa metsi a bophelo a fanwang feela. 7Ya hlolang e tla ba mojalefa wa tsena; ke tla ba Modimo wa hae, mme yena e be mora wa ka. 8Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”
Jerusalema e ntjha
9Jwale le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, a tletseng dikotlo tse supileng tsa qetello, la tla, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe monyaduwa, mohatsa Konyana.” 10La nkisa ka moya thabeng e kgolo, e telele, mme la mpontsha motse o halalelang, Jerusalema, o theoha lehodimong, ho Modimo. 11O ne o kganya tlotla ya Modimo, mme kganya ya wona e ne e ka ya lejwe la bohlokwa, e le jwaloka ya lejwe la jasepere le kang lehakwe. 12O ne o sireleditswe ke lerako le letenya, le phahameng, le nang le dikgoro tse leshome le metso e mmedi, tse lebetsweng ke mangeloi a leshome le metso e mmedi. Dikgorong ho ne ho ngotswe mabitso, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bara ba Iseraele. 13Ho ne ho ena le dikgoro tse tharo ka nqa botjhabela, dikgoro tse tharo ka nqa leboya, dikgoro tse tharo ka nqa borwa, le dikgoro tse tharo ka nqa bophirimela. 14Lerako la motse le ne le ena le majwe a leshome le metso e mmedi a motheo, ao ho wona ho ngotsweng mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ba Konyana.
15Lengeloi le neng le bua le nna le ne le tshwere leqala la kgauta le methang, le tle le methe motse, le dikgoro tsa wona, le lerako la wona. 16Motse o ne o ena le dikgutlo tse nne, bolelele ba wona bo ne bo lekana le bophara ba wona. Lengeloi la metha motse ka leqala la lona: o ne o etsa dikilomethara tse fetang dikete tse pedi; bolelele, bophara le bophahamo di ne di lekana. 17La ba la metha lerako la motse: le ne le etsa dimethara tse mashome a supileng, ho ya ka tekanyo e tlwaelehileng, eo lengeloi le neng le e sebedisa. 18Lerako le ne le hahilwe ka mahakwe a jasepere; motse wona e ne e le wa kgauta e hlwekileng, e jwaloka kgalase e hlwekileng. 19Majwe a motheo a motse a ne a kgabisitswe ka majwe a bohlokwa, a mefutafuta. Lejwe la motheo la pele e ne e le la jasepere, la bobedi e le la safire, la boraro e le la akate, la bone e le la emeraleda, 20la bohlano e le la oniki, la botshelela e le la kareneleane, la bosupa e le la kirisolithe, la borobedi e le la berile, la borobong e le la topase, la leshome e le la kirisophase, la leshome le motso o mong e le la turukose, la leshome le metso e mmedi e le la ametise. 21Dikgoro tse leshome le metso e mmedi e ne e le tsa mabenyane a bohlokwa a leshome le metso e mmedi; kgoro e nngwe le e nngwe e betlilwe ka lebenyane la bohlokwa le le leng. Lebala la motse e ne e le la kgauta e hlwekileng, e bonaletsang jwaloka kgalase.
22Ha ke a ka ka bona tempele motseng oo, hobane tempele ya wona ke Morena, Modimo ya matla wohle, le Konyana. 23Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana. 24Ditjhaba di tla tsamaya leseding la wona, le dikgosi tsa lefatshe di tla o tlisetsa maruo a tsona. 25Dikgoro tsa wona e tla be esale di butswe motsheare wohle, hobane ho wona bosiu ha bo sa tla ba teng. 26Maruo le matlotlo a ditjhaba a tla tliswa motseng oo. 27Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana.

Currently Selected:

TSHENOLO 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy