YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 20

20
Dilemo tse sekete
1Jwale ka bona lengeloi le theoha lehodimong, letsohong le tshwere senotlolo sa mohohlo o se nang pheletso, le ketane ya tonana. 2La tshwara kganyapa, noha ya kgale, e leng Diabolosi le Satane, la e holeha ka dilemo tse sekete. 3La e akgela mohohlong o se nang pheletso, la e notlella teng, la bitiela monyako wa mohohlo, hore e se hlole e kgelosa ditjhaba ho fihlela dilemo tse sekete di fetile. Kamorao ho moo eka kgona e lokollwe nako e kgutshwanyane.
4Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete. 5Bafu ba setseng ha ba a ka ba tsoha ho fihlela dilemo tse sekete di fetile. Ena ke tsoho ya pele ya bafu. 6Ho lehlohonolo, mme ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele ya bafu. Lefu la bobedi ha le sa na matla hodima bona, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.
Satane o a hlolwa
7Ha dilemo tse sekete di fetile, Satane o tla lokollwa tjhankaneng ya hae, 8mme o tla ya ho kgelosa Gogo le Magogo, e leng ditjhaba tse diqoleng tse nne tsa lefatshe. O tla di phutha hore di lwane, palo ya tsona e le kaalo ka lehlabathe la lewatle. 9Tsa tlala lefatshe ka bophara ba lona, mme tsa dikanela diahelo tsa badumedi le motse o ratwang, empa mollo wa theoha lehodimong, wa di fedisa. 10Diabolosi, ya di kgelositseng, a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebatana le moporofeta wa bohata ba leng teng. Ba tla hlokofatswa motsheare le bosiu, kamehla le mehla.
Kahlolo ya ho qetela kapele ho terone
11Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri. 12Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo. 13Lewatle la hlatsa bafu ba lona, Lefu le Nqalo ya Bafu tsa ntsha bafu ba tsona, mme e mong le e mong a ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya hae. 14Jwale Lefu le Nqalo ya Bafu tsa akgelwa letsheng la mollo. Letsha lena la mollo ke lona lefu la bobedi. 15Mang le mang eo lebitso la hae le sa fumanwang bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.

Currently Selected:

TSHENOLO 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy