YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 19

19
1Kamorao ho tsena ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi le buang lehodimong, le re:
“Haleluja!
Tlholo, le tlotla, le matla
ke tsa Modimo wa rona,
2hobane dikahlolo tsa hae
ke tsa nnete, di lokile.
O ahlotse seotswa se seholo,
se sentseng lefatshe
ka bootswa ba sona,
mme a lefeletsa madi
a bahlanka ba hae ka sona.”
3Hape la re:
“Haleluja!
Mosi wa sona o foqoha
kamehla le mehla.”
4Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse nne tse phelang, ba itihela fatshe, ba kgumamela Modimo ya dutseng teroneng, ba re:
“Amen, Haleluja!”
Mokete wa lenyalo la Konyana
5Jwale teroneng ha tswa lentswe le reng:
“Rorisang Modimo wa rona,
lona bahlanka bohle ba hae,
le lona ba mo tshabang,
ba banyenyane le ba baholo.”
6Ka boela ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi, ho kang modumo wa metsi a lewatle, le ho kang modumo wa letolo le matla, ho re:
“Haleluja!
O a busa Morena,
Modimo wa rona ya matla wohle.
7A re thabeng, re nyakalleng,
mme re mo tlotlise,
hobane ke letsatsi la mokete
wa lenyalo la Konyana.
Monyaduwa wa hae o itokisitse,
8o neilwe mose wa lesela le letleletle,
le benyang, le hlwekileng.
Lesela lena le letleletle
ke diketso tse lokileng
tsa bahalaledi.”
9Yaba lengeloi le re ho nna: “Ngola. Ho lehlohonolo ba memetsweng moketeng wa dijo wa lenyalo la Konyana.” La nto re: “Tsena ke dipolelo tsa Modimo tsa sebele.”
10Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.”
Mopalami wa pere e tshweu
11Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana. 12Mahlo a hae a jwaloka malakabe a mollo, hloohong o rwetse mefapahlooho e mengata; o na le lebitso le ngotsweng hodima hae, leo ho seng ya le tsebang, haese yena feela. 13O apere seaparo se innweng mading. Lebitso la hae ke Lentswe la Modimo. 14Dimphi tsa lehodimo di ne di mo latetse, di palame dipere tse tshweu, di apere masela a matlematle, a masweu, a hlwekileng. 15Ka molomong wa hae ho tswa sabole e bohale, eo a tlang ho hlatha ditjhaba ka yona. O tla di busa ka lere la tshepe, a hatikele setlhotlelo sa veine ya kgalefo e tukang ya Modimo ya matla wohle. 16Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.”
17Yaba ke bona lengeloi le eme hara letsatsi. Ka lentswe le phahameng la howeletsa dinonyana tsohle tse fofang hodimodimo, sebakeng, la re: “Tloong, le phuthehele moketeng o moholo wa dijo wa Modimo, 18le tle le je dinama tsa dikgosi, le tsa balaodi, le tsa dinatla; dinama tsa dipere le tsa bapalami ba tsona; dinama tsa batho bohle, tsa makgoba le tsa balokolohi, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.”
19Jwale ka bona sebatana, le dikgosi tsa lefatshe, le dimphi tsa tsona, di phuthehetse ho lwantsha mopalami wa pere le dimphi tsa hae. 20Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela. 21Ba setseng ba bolawa ke sabole e tswang ka molomong wa mopalami wa pere, mme dinonyana tsohle tsa kgora dinama tsa bona.

Currently Selected:

TSHENOLO 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy