YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 18

18
Ho wa ha Babilona
1Kamorao ho tsena ka bona lengeloi le leng le theoha lehodimong. Le ne le ena le matla a maholo, mme tlotla ya lona ya bonesetsa lefatshe lohle. 2La howa ka lentswe le matla, la re:
“E wele! E wele! Babilona e kgolo!
E fetohile leaho la bademona,
setshabelo sa meya yohle e ditshila,
le sa dinonyana tsohle tse ditshila,
tse hloyehang.
3Ke hobane e nwesitse
ditjhaba tsohle jwala
ba bohale ba bohlola ba yona.
Dikgosi tsa lefatshe
di entse bohlola le yona,
mme bahwebi ba lefatshe
ba ruisitswe
ke boholo ba mouno wa yona.”
4Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re:
“Tswang Babilona,
lona setjhaba sa ka,
esere la ba le kabelo
dibeng tsa yona,
kapa la fumana karolo
ya dikotlo tsa yona.
5Dibe tsa yona di entse mohlomelo
o fihlang lehodimong,
mme Modimo o hopotse
makgopo a yona.
6E etseng
jwalokaha le yona e le entse;
le e buseletse habedi
ho ya ka mesebetsi ya yona.
E qhatsetseng habedi senwelong
seo e le qhatseditseng ho sona.
7Le e nee tlhokofatso
le mahlomola a lekanang
le boithoriso ba yona
le boithabiso ba yona
hobane ka pelong ya yona, e re:
‘Ke dutse teroneng
ke le mofumahadi,
ha ke mohlolohadi,
mme ha nka ke
ka tseba mahlomola.’
8Ka baka leo,
dikotlo tsa yona di tla e tlela,
di e tlele ka tsatsi le leng,
lefu, mahlomola, le tlala,
mme e tla tjheswa lore!
Hobane Morena Modimo
ya e ahlolang o matla.”
9“Dikgosi tsa lefatshe, tse entseng bohlola le yona, tsa phela ka boithabiso le yona, di tla e llela, di e hlomohele, ha di bona mosi wa ho tjheswa ha yona. 10Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re:
“ ‘O madimabe! O madimabe!
Wena Babilona,
motse o moholo, motse o matla!
Kahlolo ya hao e phethahaditswe
ka nako ya hora feela!’
11“Bahwebi ba lefatshe ba tla e llela, ba e hlomohele, hobane ha ho sa le ya rekang thepa ya bona: 12thepa ya kgauta, le ya silefera, le ya mabenyane a bohlokwa, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya masela a matlematle, le a perese, le a sileka, le a mafubedu, le ya mahong wohle a bohlokwa, le ya tsohle tse entsweng ka manaka a tlou, le tsohle tsa mahong a bohlokwa, le tsa lethose, le tsa tshepe, le tsa mahakwe, 13le dinoko tsa sinamone le tsa amone, le makgapetla a difate a monko o monate, le setlolo, le mokubetso, le veine, le ole, le phofo e thumisehileng, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le dikariki, le makgoba, le batshwaruwa.
14“ ‘Tsohle tseo
o neng o di labalabela di ile;
tsohle tsa boithabiso,
tse phatsimang,
di o hlakohile;
ha o ka ke wa hlola o di fumana
le ka mohla.’
15“Bahwebi ba neng ba hweba ka tsena, ba ruisitsweng ke Babilona, ba tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona. Dillong le mahlomoleng 16ba tla re:
“ ‘Ho madimabe! Ho madimabe!
Motse o moholo,
o neng o kgabile
ka masela a matlematle,
le a perese, le a mafubedu;
o neng o kgabisitswe ka kgauta,
le ka mabenyane a bohlokwa,
le ka mahakwe a bohlokwa!
17Empa leruo le lekaalo le fedisitswe,
la fediswa ka nako ya hora feela!’
“Batsamaisi bohle ba dikepe, le bohle ba nkang maeto ka dikepe, le basesisi ba tsona, le bohle ba phelang ka ho sebetsa lewatleng, ba ne ba eme hole. 18Yare ha ba bona mosi wa ho tjheswa ha yona, ba howa, ba re: ‘Na ho kile ha eba le motse o kang motse o moholo oo?’ 19Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re:
“ ‘Ho madimabe! Ho madimabe!
Motse o moholo,
moo bohle,
ba neng ba ena le dikepe lewatleng,
ba ileng ba ruiswa
ke leruo la wona!
Empa o fedisitswe
ka nako ya hora feela!
20Wena lehodimo, le lona bahalaledi,
le baapostola, le baporofeta,
thabang ke hona,
hobane Modimo o le ahloletse
ka ho ahlola motse oo!’ ”
21Jwale lengeloi le matla la nka lejwe le kang lelwalahadi, la le akgela lewatleng, la re:
“Babilona, motse o moholo,
e tla akgelwa tlase
ka sefutho se tjena,
mme ha e ka ke ya hlola
e bonwa hape.
22Mmino wa baletsi ba diharepa,
le wa dibini,
le wa makodilo, le wa diterompeta,
ha o ka ke wa hlola
o utlwahala ha hao.
Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe
ha se ka ke sa hlola
se bonwa ha hao.
Modumo wa lelwala
ha o ka ke wa hlola
o utlwahala ha hao.
23Lesedi la lebone
ha le ka ke la hlola
le kganya ha hao.
Lentswe la monyadi
ha le ka ke la hlola
le utlwahala ha hao.
Bahwebi ba hao
e ne e le mahosana a lefatshe,
mme ka boloi ba hao
wa thetsa ditjhaba tsohle.
24Babilona ho fumanwe madi
a baporofeta, le a bahalaledi,
le a bohle
ba ileng ba bolawa lefatsheng.”

Currently Selected:

TSHENOLO 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy