YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 74

74
Kodi-ya-malla kamora ho senngwa ha Tempele
1Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto.
Modimo, na o re lahletse ruri?
Keng ha o halefela mohlape,
mohlape wa makgulo a hao,
o o halefela ka bohale bo tukang?
2Ako hopole phutheho ya hao
eo e bileng leruo la hao,
leruo la hao ho tloha kgale,
eo o e lopolotseng,
moloko oo e leng lefa la hao;
le thaba ya Sione
eo o ahileng ho yona.
3Lebisa mehato ya hao dithakong,
dithakong tseo tsa kgale,
sera se sentse tsohle
tse ka Sehalalelong.
4Ba o lwantshang ba puruma,
ba puruma ba le Sehalalelong sa hao,
ba hlomile mekgele ya bona,
ba e hloma e le pontsho ya tlholo.
5Ba tshwana le ba kenang morung,
ba kenang teng ka dilepe;
6mekgabiso yohle ya yona ya lehong,
ba e pshatlile ka dikwakwa,
ba e pshatla le ka dikoto.
7Ba tjhesitse Sehalalelo sa hao,
ba heletsa,
ba tlontlolla Leaho la hao.
8Ka dipelong tsa bona ba itse:
“A re ba hatakeleng
kaofela ha bona,
re tjhese dibaka tsohle tsa phutheho,
tsa phutheho ya Modimo
naheng ena.”
9Ha re sa na pontsho
tse tswang ho Modimo,
ha ho sa le moporofeta;
hara rona ha ho le ya mong
ya tsebang hore
ho tla ba jwalo ho fihlela neng.
10Modimo, ya o lwantshang,
o tla o nyefola ho fihlela neng?
Na sera se tla o nyedisa,
se nyedise lebitso la hao kamehla?
11O sa tshwaretseng
letsoho la hao?
O patetseng
letsoho la hao le letona,
wa le pata sefubeng sa hao?
12Athe Modimo, o kgosi ya ka
ho tloha mehleng ya kgale,
wena mohlodi wa topollo lefatsheng.
13Ke wena ya ileng a arohanya lewatle,
wa le arohanya ka matla a hao,
wa pshatla hlooho tsa dikganyapa,
wa di pshatela lewatleng.
14wa di thuakanya dihlooho,
wa di abela ditlhapi
e be dijo tsa tsona.
15Ke wena ya ileng a bulela didiba,
wa bulela le dinokana,
wa pshesa dinoka
tse phallang kamehla.
16Motsheare ke wa hao,
le bosiu ke ba hao;
kgwedi le letsatsi o di beile,
wa di bea madulong a tsona.
17Ke wena ya ileng a seha meedi,
wa seha meedi yohle ya lefatshe,
lehlabula le mariha
di entswe ke wena.
18Morena, ako hopole
kamoo sera se o nyefolang kateng,
kamoo setjhaba sa dithoto
se nyedisang lebitso la hao kateng.
19Se neele sebata
moya wa Leeba la hao,
bophelo ba mafutsana a hao
o se bo leballe ruri.
20Ako hopole selekane sa hao,
hobane diqhobo tsohle tsa naha
di tletse ba sehloho.
21Ya hatellwang
a se ke a hlajwa ke dihlong,
mohlophehi le mofutsana
ba rorise lebitso la hao.
22Tsoha Modimo, o itwanele,
hopola hore sethoto se a o nyefola,
se o nyefola ka matsatsi wohle.
23Se lebale ho rora ha ba o lwantshang,
ho eketseha ha lerata
la ba o tsohelang matla.

Currently Selected:

DIPESALEMA 74: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy