YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 73

73
Katleho ya ba kgopo ke lefeela
1Pesalema ya Asafo.
Ruri Modimo o molemo ho Iseraele,
e, le ho ba pelo di hlwekileng.
2Empa nna,
ke batlile ke kgothometseha,
maoto a ka a batlile a thella;
3hobane ke ne ke honohela baikakasi,
ha ke bona katleho ya ba kgopo.
4Bona ha ba na matshwenyeho,
mmele ya bona e shahlile,
ba nonne.
5Ha ba na dikgathatso
jwaloka ba bang,
mme ha ba otlwe
jwaloka ba bang.
6Ka baka leo,
boikgohomoso ke sefaha,
ke sefaha melaleng ya bona,
sehloho ke seaparo
seo ba se apereng.
7Mahlo a bona
a rotolohile ke mafura,
ka dipelong
ba tletse mehopolo ya bowatla.
8Ba a tlaka, mme ba bua tse mpe,
ba sokela batho ka boikgantsho.
9Melomo ya bona
e nyefola tsa lehodimo,
maleme a bona
a bebera tsa lefatshe.
10Kahoo setjhaba sa ka
se ba sala morao,
se inyorolla ka metsi
a mehopeng ya bona.
11ba re: “Modimo a ka tseba jwang?
Na tsebo e teng
ho Ya Hodimodimo?”
12Ba kgopo ba jwalo;
kamehla ba qhwaolla dikobo,
ba ikatisetsa maruo.
13Ho thusang ho hlwekisa pelo ya ka,
le ho hlokisa matsoho a ka molato,
14ha e le moo ke otlwa
ka matsatsi wohle,
ke otlwa hoseng ho hong le ho hong?
15Hoja nkile ka re:
“Ke tla bua jwaloka bona,”
nka be ke kgelohile molokong,
molokong wa bana ba hao.
16Ha ke ntse ke nahanahana,
ke nahana hore ke utlwisise tsena,
ka fumana e le ntho e thata,
17ho fihlela ke ba ke kena Sehalalelong,
Sehalalelong sa Modimo,
mme ke utlwisisa
seo qetello ya ba kgopo
e tla ba sona.
18Ruri o ba beile moo ho thellang,
wa ba dihela hore ba ye timelong;
19ba fetoha lesupi
ka ho panya ha ntshi,
ba fedile,
qetello ya bona ke e tshosang.
20Morena, jwalokaha toro e fela,
e fela ha motho a phaphama,
le wena ha o tsoha
o fedisa seriti sa bona.
21Ha pelo ya ka
e ne e utlwile bohloko,
mme maikutlo a ka a hlabehile,
22ka ba lewatla, ka hloka kutlwisiso,
ka ba jwaloka phoofolo
mahlong a hao.
23Empa leha ho le jwalo,
ke na le wena kamehla,
o ntshwere ka letsoho le letona.
24O ntsamaisa ka keletso ya hao,
mme qetellong
o tla nkamohela ka tlotla.
25Nka ba le mang lehodimong
haese wena?
Ha ke ena le wena,
ha ke sa lakatsa letho lefatsheng.
26Leha mmele wa ka
le pelo ya ka di ka fela,
Modimo ke lefika la ka
le kabelo ya ka kamehla.
27Ha e le ba ikarohantseng le wena,
bona ba tla timela;
o fedisa bohle
ba sa tshepahaleng ho wena.
28Empa ho nna ho ba haufi le Modimo,
ke ntho yona e molemo.
Ke ikgethetse Morena,
Morena wa ka,
ho ba setshabelo sa ka,
ke tle ke bolele
mesebetsi ya hae yohle.

Currently Selected:

DIPESALEMA 73: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy