YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 72

72
Puso ya Mesia
1Pesalema ya Solomone.
Oho, Modimo,
etsa hore kgosi e ahlole,
e ke e ahlole ka toka,
o nee mora kgosi ho loka ha hao,
2a tle ahlolele tjhaba sa hao,
a se ahlolele ka ho loka,
le mafutsana a hao ka toka.
3Dithaba di ke di tlise kgotso,
di e tlisetse setjhaba,
le wona maralla
a se tlisetse ho loka.
4Bahlophehi hara setjhaba
a ba ahlolele,
a pholose bana ba mafutsana,
a hatakele mohatelli.
5A ke a phele halelele jwaloka letsatsi,
le jwaloka kgwedi
ho isa melokong yohle.
6A be jwaloka pula a nelang jwang,
le jwaloka medupe
e nwesetsang lefatshe.
7Ditshiung tsa hae
ho loka ho ke ho ate,
le kgotso e be ngata,
ho fihlela kgwedi e fifalla ruri.
8A buse ho tloha lewatleng le leng
ho isa ho le leng,
le ho tloha Nokeng
ho isa pheletsong tsa lefatshe.
9Ba mo lwantshang
ba ke ba mo kgumamele,
dira tsa hae di nyeke lerole.
10Dikgosi tsa Tarashishe
le tsa dihlekehleke
di ke di mo nyehelle,
dikgosi tsa Sheba le tsa Seba
di mo tlisetse dithelo.
11Dikgosi tsohle di itihe kapele ho yena,
ditjhaba tsohle di mo sebeletse.
12O tla lopolla mohloki
ya llang ho yena,
le mohlophehi
ya hlokang mothusi.
13Ya fokolang le ya hlokang
o tla ba utlwela bohloko,
a pholose bophelo ba mafutsana.
14O tla ba lopolla
a be lopolle ho ba mamenemene,
a ba lopolle le ho ba sehloho,
madi a bona e tla ba a bohlokwa,
e be a bohlokwa mahlong a hae.
15A ke a phele!
A newe kgauta ya Sheba,
a nne a rapellwe ho sa kgaotswe,
a nne a bokwe ka matsatsi wohle.
16Lefatshe le ke le aparelwe ke koro,
e ekethehe qhoweng tsa dithaba,
tjhai e be jwaloka ya Lebanone;
metseng ho tlale batho,
ba be jwaloka jwang ba naha,
jwang bo tlokomang.
17Lebitso la hae le se ke la lebalwa,
le se ke la lebalwa le ka mohla,
le hopolwe
ha letsatsi le ntse le tjhaba.
Ditjhaba tsohle
di ke di hlohonolofale,
di hlohonolofale ka baka la hae,
merabe yohle
e mmitse ya lehlohonolo.
18Ho bokwe Morena,
Modimo wa Iseraele,
e leng yena a inotshi
ya etsang dimakatso.
19Lebitso la hae le tlotlehang le bokwe,
le bokwe kamehla le mehla,
lefatshe lohle le tlale tlotla ya hae.
A ho be jwalo! A ho be jwalo!
20Dithapelo tsa Davida, mora Jese, di fella mona.

Currently Selected:

DIPESALEMA 72: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy