YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 71

71
Thapelo ya leqheku
1Ke tshabela ho wena Morena,
ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong
ka hlajwa ke dihlong le ka mohla.
2Ako nnamolele ka ho loka ha hao,
nnamolele o ntopolle;
o ntshekehele tsebe, o mpholose.
3Eba lehaha
leo ke tshabelang ho lona,
leo nka tshabelang ho lona kamehla;
o se o laetse hore ke pholoswe,
wena lefika la ka
le qhobosheane ya ka.
4Modimo wa ka, ako nnamolele,
o nnamolele matsohong a ya kgopo,
diatleng tsa ya sa lokang,
tsa ya sehloho.
5Morena, Morena wa ka,
o tshepo ya ka,
ke o tshepile
ho tloha botjheng ba ka.
6O ntsheheditse
ho tloha tswalong ya ka,
wa ntshireletsa
ho tloha popelong ya mme;
nke ke ka kgaotsa ho o rorisa.
7Ke jwaloka mohlolo ho ba bangata,
empa wena
o setshabelo sa ka sa nnete.
8Molomong wa ka
ho tletse thoriso ya hao,
le tlotliso ya hao kamehla.
9Se ntahle boqhekung ba ka,
o se mphuralle
ha matla a mpheletse;
10hobane dira tsa ka di bua ka nna,
ba ntaletseng ba a nthera,
11ba re: “Modimo o mo furaletse,
mo lelekiseng,
le mo tshware,
hobane ha ho ya tla mo namolela.”
12Modimo, se be hole le nna,
Modimo wa ka,
ako potlakele ho nthusa.
13Ba ntwantshang
ba ke ba hlajwe ke dihlong,
ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba timele;
ba ntakaletsang bobe
ba ke ba fetohe sekgobo,
ba fetohe sekgobo, ba tlontlolohe.
14Empa nna nke ke ka kgaotsa
ho o tshepa,
ke tla eketsa ho o rorisa.
15Molomo wa ka
o tla bolela tsa ho loka,
o bolele tsa ho loka ha hao,
le tsa ho pholosa ha hao kamehla,
le hoja nke ke ka tseba ho di bala.
16Ke tla bua ka tsa matla a hao,
wena Morena, Morena wa ka,
ke hopotse batho tsa ho loka ha hao,
ho loka hoo e leng ha hao feela.
17Modimo, o nthutile
wa nthuta ho tloha botjheng ba ka,
mme ho fihlela jwale
ke ntse ke tumisa dimakatso tsa hao.
18Jwale ha ke se ke le leqheku,
hlooho e se e le putswa,
oho, Modimo, o se ke wa mphuralla,
ho fihlela ke senolela
meloko yohle e tlang
tsa matla a hao
le tsa bonatla ba hao,
19le tsa ho loka ha hao,
ho fihlang hodimodimo,
wena Modimo.
O entse tse kgolo, Modimo;
ke mang ya tshwanang le wena?
20Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho,
matshwenyeho a mangata,
a bohloko,
o tla boela o mmatlafatse,
o boele o nnyolle
botebong ba lefatshe;
21o nkgodise ho feta pele,
o nne o ntshedise hape.
22Jwale nna ke tla o boka ka seletsa,
ka baka la botshepehi ba hao,
wena Modimo wa ka;
ke o roke ka harepa,
wena Ya Halalelang wa Iseraele.
23Molomo wa ka o tla howa ka thabo,
o howe ha ke o roka,
le wona moya wa ka
oo o o lopolotseng.
24Leleme la ka le tla bolela
tsa ho loka,
le bolele tsa ho loka ha hao kamehla,
ba ntakaletsang bobe ba tlontlolohe,
ba tlontlolohe, ba ferekane.

Currently Selected:

DIPESALEMA 71: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy