YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 17

17
1Ho molemo
ho itjella dikokotwana,
ho itjella tsona ka kgotso,
ho ena le ho phela tlung
e nang le kgora le diqabang.
2Mohlanka ya masene
a ka busa mora,
a busa mora ya sethoto
wa monga hae,
a arolelwa lefa
jwaloka bana ba monga hae.
3Silefera e hlwekiswa
ka ho qhibidiswa pitseng,
kgauta yona e hlwekiswa
ka sebopi sa yona;
athe dipelo tsona
di hlahlojwa ke Morena.
4Ya etsang bokgopo
o mamela polelo tsa leshano,
ya leshano yena
o mamela tsa bokgopo.
5Ya somang mafutsana
o soma Mmopi wa hae,
ya thabelang tsietsi tsa e mong
yena o tla otlwa.
6Ditloholwana ke mofapahlooho,
mofapahlooho a boraputswe,
bana ba ithaba
ka batswadi ba bona.
7Sethoto ha se lokelwe
ke puo tsa bokgeleke,
puo ya leshano ha e lokele kgosana.
8Tjotjo ke hakwe la bohlokwa,
ke la bohlokwa ho mo-e-fani,
e mo atlehisa
ho tsohle tseo a di etsang.
9Ya lalang diphoso ka mmele
o qeka ho ratwa,
athe ya di pepesang
yena o senya setswalle.
10Ya bohlale
o phakisa ho amohela kgalemo,
thoto ha se shapuwa halekgolo
ha se mamele.
11Motho ya kgopo
o thabela meferefere,
ya jwalo o romellwa leqosa,
leqosa le sehloho.
12Ho molemo ho kopana
le bere e tshehadi,
bere e nketsweng madinyane a yona,
ho ena le ho kopana
le sethoto se poqang
bothotong ba sona.
13Ya buseletsang botle ka bokgopo,
bokgopo bo ke ke ba tloha
lapeng la hae.
14Qabang e qala jwaloka metsi
a faposwa mosele,
wena e kwekwetle e eso ka e kekela.
15Ya lokollang ya kgopo
le ya ahlolang ya lokileng,
bobedi ba bona
ke manyala ho Morena.
16Thuso ke efe,
ya ho nea sethoto tjhelete
athe ha se na kutlwisiso
ya ho reka bohlale?
17Motswalle o na le lerato kamehla,
ngwanabo motho
o tswaletswe ho thusa,
ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.
18Ya hlokang kelello
o itlama ka ditshepiso,
o itlama ho lefa
melato ya ba bang.
19Ya ratang diphapang o rata sebe,
ya ikgohomosang o ipitsetsa timelo.
20Motho ya pelo e kgopo
ha a atlehe;
ya leme le tletseng thetso
o tla timela.
21Ya tswalang sethoto
o itswalla ditsietsi,
ntata sethoto o hloka thabo.
22Pelo e thabileng
e tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.
23Motho ya kgopo
o amohela tjotjo sephiring,
ka yona o kgopamisa ditsela tsa toka.
24Bohlale bo mahlong a ya masene,
mahlo a sethoto wona
a thalatsa kahohle.
25Mora ya sethoto
o tlisa masisapelo ho ntatae,
bohloko ba pelo ya mmae
bo baba seka leshokgwa.
26Ke phoso ho ahlola motho
a se na molato,
kapa ho otlela mahosana
ho loka ha wona.
27Ya nang le tsebo
o tswara leme la hae,
ya nang le kutlwisiso
ha a ke a halefa.
28Sethoto ha se kgutsitse
ho thwe se hlalefile,
se na le kutlwisiso
ha se tshwara leme la sona.

Currently Selected:

MAELE 17: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy