YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 16

16
1Pelo ya motho e rera merero,
tseo a di buang
di laolwa ke Morena.
2Ketso tsa motho
di tadimeha di lokile ho yena,
empa Morena
o lekola sepheo sa hae.
3Bea mesebetsi ya hao
atleng tsa Morena,
mme merero ya hao
e tla phethahala.
4Tsohle Morena o di entse
ka morero wa hae,
le ya kgopo
tsatsi la ditlokotsi le mo emetse.
5Motho ya ikgantshang,
Morena o a mo nyonya,
ya jwalo Morena o tla mo ahlola.
6Sebe se hlakolwa
ke lerato le botshepehi;
ya tshabang Morena
bobe o tla bo phema.
7Eo metsamao ya hae
e kgahlang Morena,
Morena o mo phedisa
ka kgotso le dira tsa hae.
8Sejosenyane se molemo
ha se fumanwe ka toka,
ho ena le maruo
a fumanwang ka bolotsana.
9Motho o itherela tsela ya hae,
empa ke Morena ya mo tataisang.
10Diqeto tsa kgosi
di tswa ho Modimo,
ha e ahlola e ahlola ka toka.
11Tekanyo tse nepahetseng
ke tsa Morena,
majwe a supang boima
a entswe ke yena.
12Kgosi di nyatsa ketso tse manyala
ho loka hona ho tsitsisa mmuso.
13Molomo o buang tse lokileng
o thabisa dikgosi,
dikgosi di rata motho ya buang nnete.
14Kgalefo ya kgosi
e tshwana le ya tlisang pehi,
empa ya bohlale
o kokobetsa kgalefo.
15Ho thaba ha kgosi ho a phedisa,
mohau wa yona
o ka leru la pula selemo.
16Ho fumana bohlale
ho molemo ho feta kgauta,
ho fumana kutlwisiso
ho molemo ho feta silefera.
17Tsela ya ba lokileng
e kgeloha bobe,
ya e hlokomelang
o baballa bophelo ba hae.
18Boikakaso bo etella timelo pele,
boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.
19Ho molemo ho ikokobetsa
o le hara mafutsana,
ho ena le ho arolelana kgapo
le baikgohomosi.
20Ya elang ditaelo hloko o a atleha,
ya tshepang Morena
o a hlohonolofala.
21Ya bohlale
ho thwe o na le kutlwisiso,
polelo tse monate tsona
di a kgodisa,
22Bohlale ke diba sa bophelo
ho ya nang le bona,
ho ruta dithoto
ke ho itshenyetsa nako.
23Ya bohlale
o hlalefiswa ke pelo ya hae,
le seo a tla se bua
o se rutwa ke yona.
24Polelo tse monate
di ka mahe a dinotshi,
moyeng di a hlabosa,
di matlafatse mmele.
25Tsela e teng e bonahalang
e lokile ho monga yona,
empa e qetella ka ho isa lefung.
26Sekgothadi se a itshebeletsa,
se itshebeletsa ka thata,
hobane se lakatsa ho ikgotsofatsa.
27Senokwane se rera bobe,
molomong wa sona
ho tswa tse tjhesang sa malakabe.
28Motho ya kgopo o duka kgotso,
mosebi yena o qabanya metswalle,
metswalle ya hlooho ya kgomo.
29Motho ya dikgoka
o hohela ya ahisaneng le yena,
a mo tsamaise tseleng tse sa lokang.
30Ya robang leihlo o rera bokgopo,
ya petlang melomo
bobe o sa bo entse.
31Moriri o moputswa
ke mofapahlooho o kgabane,
o fumanwa
ke ya phelang ka ho loka.
32Ya nang le mamello
o molemo ho feta ya dikgoka,
ya itshwarang ha a halefile
o feta ya hapang motse.
33Batho ba laola ditaba ka lotho,
empa diqeto tsona ke tsa Morena.

Currently Selected:

MAELE 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy