YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 34

34
Meedi ya naha ya Kanana
1Morena a bua ho Moshe, a re:
2“Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng ya Kanana, ena ke yona naha eo e tla ba lefa la lona, yona naha ya Kanana ho ya ka meedi ya yona.
3“ ‘Ka borwa moedi wa lona o tla tloha lehwatateng la Sine, o ikgohle ka moedi wa Edomo. O tla tloha ka botjhabela moo Lewatle la Letswai le fellang teng. 4Jwale o tla thinyetsa ka borwa ho moepa wa Lekgalo la Akarabime, o fete Sine, o yo fella ka borwa ho Kadeshe-Barenea; o lebe Hasara-Adare, mme o yo feta Asamone. 5Ho tloha Asamone moedi o tla thinyetsa molatswaneng wa Egepeta, o yo kgaotsa ka Lewatle.
6“ ‘Ka bophirimela moedi wa lona e tla ba Lewatle le Leholo, le lebopo la lona. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka bophirimela.
7“ ‘Ka leboya moedi wa lona e tla ba ona: le tla o seha ho tloha Lewatleng le Leholo, ho ya fihla Thabeng ya Hore; 8ho tloha Thabeng ya Hore le tla o seha ho ya fihla lekgalong la Hamate, mme o yo fella Sedade. 9Ho tloha moo moedi o tla fetela Siferone, o yo fella Hasere-Enane. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka leboya.
10“ ‘Ka botjhabela le tla seha moedi wa lona ho tloha Hasere-Enane ho ya fihla Shefame. 11Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete. 12Moedi o tla sika ka Jorodane, o be o yo fella Lewatleng la Letswai.
“ ‘Ena e tla ba yona naha ya lona le meedi e e potapotileng.’ ”
13Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase. 14Morabe wa bana ba Rubene ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le morabe wa bana ba Gade ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba neilwe lefa la bona. 15Merabe ena e mmedi, le karolo ya morabe wa Manase, yona e se e neilwe lefa la yona ka kwano ho Jorodane, malebana le Jeriko, ka botjhabela.”
Mahosana a ikarabellang kabong ya naha
16Morena a bua ho Moshe, a re: 17“Ana ke mabitso a banna ba tla le arolela naha, hore e be lefa la lona: moprista Eleasare le Joshua, mora wa Nune. 18Morabeng o mong le o mong o tla nka kgosana e le nngwe ho arola naha, hore e be lefa. 19Ana ke mabitso a banna bao:
“Morabeng wa Juda e be Kalebe, mora wa Jefune; 20morabeng wa bana ba Simeone e be Shemuele, mora wa Amihude; 21morabeng wa Benjamine e be Eledade, mora wa Kiselone; 22morabeng wa bana ba Dane e be kgosana Buki, mora wa Jogele. 23Ho bana ba Josefa: morabeng wa bana ba Manase e be kgosana Haniele, mora wa Efode. 24Morabeng wa bana ba Efraime e be kgosana Kemuele, mora wa Shifetane; 25morabeng wa bana ba Sebulone e be kgosana Elesafane, mora wa Paranake; 26morabeng wa bana ba Isakare e be kgosana Paletiele, mora wa Asane; 27morabeng wa bana ba Ashere e be kgosana Ahihude, mora wa Shelomi; 28morabeng wa bana ba Nafthali e be kgosana Pedahele, mora wa Amihude.”
29Bana ke bona banna bao Morena a ileng a ba laela hore ba arolele bana ba Iseraele lefa, naheng ya Kanana.

Currently Selected:

DIPALO 34: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy