YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 33

33
Maeto ka ho latelana
1Ana ke maeto a bana ba Iseraele, ha ba ne ba falla naheng ya Egepeta ka mabotho a bona, ba le tsamaisong ya Moshe le Arone. 2Ka taelo ya Morena, Moshe a ngola mabitso a dibaka tseo ba neng ba ntse ba tloha ho tsona, ka ho latelana. Ana ke maeto ho ya ka dibaka tseo ba neng ba tloha ho tsona.
3Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele, ba tloha Ramesese, ka letsatsi le hlahlamang la Paseka. Bana ba Iseraele ba tloha ka ditlatse tsa thabo, pontsheng ya Baegepeta bohle. 4Baegepeta ba ne ba ntse ba epela matsibolo a bona, ao Morena a neng a a bolaile. Morena a ba a otla le medimo ya bona.
Ho tloha Egepeta ho ya fihla Sinai
5Bana ba Iseraele ba tloha Ramesese, ba ya hloma Sukote. 6Ha ba tloha Sukote, ba ya hloma Ethame, e leng meeding ya lehwatata. 7Ha ba tloha Ethame, ba kgutlela Pi-Hahirote, ka botjhabela ho Baale-Sefone, ba ya hloma pela Migedole. 8Ha ba tloha Pi-Hahirote, ba tshela lewatle, ba ya fihla lehwatateng; ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo lehwatateng la Ethame, ba ya hloma Mara. 9Ha ba tloha Mara, ba ya fihla Elime, moo ho neng ho ena le didiba tse leshome le metso e mmedi, le difate tsa dipalema tse mashome a supileng, mme ba hloma teng. 10Ha ba tloha Elime, ba ya hloma pela Lewatle la Lehlaka. 11Ha ba tloha Lewatleng la Lehlaka, ba ya hloma lehwatateng la Sine. 12Ha ba tloha lehwatateng la Sine, ba ya hloma Dofeka.
13Ha ba tloha Dofeka, ba ya hloma Aloshe. 14Ha ba tloha Aloshe, ba ya hloma Refidime, moo ho neng ho se metsi ao setjhaba se neng se ka a nwa. 15Ha ba tloha Refidime, ba ya hloma lehwatateng la Sinai. 16Ha ba tloha lehwatateng la Sinai, ba ya hloma Mabitleng a Meharo. 17Ha ba tloha Mabitleng a Meharo, ba ya hloma Haserote. 18Ha ba tloha Haserote, ba ya hloma Ritema. 19Ha ba tloha Ritema, ba ya hloma Rimone-Perese. 20Ha ba tloha Rimone-Perese, ba ya hloma Lebena. 21Ha ba tloha Lebena, ba ya hloma Risa. 22Ha ba tloha Risa, ba ya hloma Kehelata. 23Ha ba tloha Kehelata, ba ya hloma thabeng ya Shefere. 24Ha ba tloha thabeng ya Shefere, ba ya hloma Harada. 25Ha ba tloha Harada, ba ya hloma Makelote. 26Ha ba tloha Makelote, ba ya hloma Tahate. 27Ha ba tloha Tahate, ba ya hloma Tara. 28Ha ba tloha Tara, ba ya hloma Miteka. 29Ha ba tloha Miteka, ba ya hloma Hashemona. 30Ha ba tloha Hashemona, ba ya hloma Moserote. 31Ha ba tloha Moserote, ba ya hloma Bene-Jaakane. 32Ha ba tloha Bene-Jaakane, ba ya hloma Hore-Gidegade. 33Ha ba tloha Hore-Gidegade, ba ya hloma Jotebata. 34Ha ba tloha Jotebata, ba ya hloma Aborona. 35Ha ba tloha Aborona, ba ya hloma Esione-Gebere. 36Ha ba tloha Esione-Gebere, ba ya hloma lehwatateng la Sine, ke ho re Kadeshe. 37Ha ba tloha Sine, ba ya hloma thabeng ya Hore, meeding ya naha ya Edomo.
38Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, hoba bana ba Iseraele ba tswe naheng ya Egepeta, moprista Arone a nyolohela thabeng ya Hore ka taelo ya Morena, mme a shwella moo. 39Arone o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e meraro ha a shwella thabeng ya Hore.
40Yaba Mokanana, kgosi ya Arada, ya ahileng Negebe, naheng ya Kanana, o utlwela hore bana ba Iseraele ba a tla.
41Ha ba tloha thabeng ya Hore, ba ya hloma Salemona. 42Ha ba tloha Salemona, ba ya hloma Punone. 43Ha ba tloha Punone, ba ya hloma Obote. 44Ha ba tloha Obote, ba ya hloma masuping a dithaba tsa Abarime, e naheng ya Moabe. 45Ha ba tloha Ijime, ba ya hloma Dibone-Gade. 46Ha ba tloha Dibone-Gade, ba ya hloma Alemona-Debeletaima. 47Ha ba tloha Alemona-Debeletaima, ba ya hloma thabeng ya Abarime, pela Nebo. 48Ha ba tloha thabeng ya Abarime, ba ya hloma phuleng ya Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko. 49Ba ya hloma pela Jorodane, ho tloha Beke-Jeshimote, ho ya fihla Abele-Shitime, diphuleng tsa Moabe.
Ditaelo pele ho tshelwa Jorodane
50Yaba Morena o bua ho Moshe a le diphuleng tsa Moabe, pele noka ya Jorodane, mabapa le Jeriko, o re: 51“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha le tshela Jorodane, le kena naheng ya Kanana, 52le tla leleka baahi ba naha eo kapele ho lona, le dihe difika tsa bona, le senye ditshwantsho tsa bona tse bopilweng, le fedise le dibaka tsohle tsa bona tsa borapedi. 53Naha eo e tla ba ya lona, mme le tla aha ho yona, hobane ke le neile yona hore e be ya lona. 54Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.
55“ ‘Empa haeba le sa leleke baahi ba naha eo kapele ho lona, ho tla etsahala hore bao le ba tlohetseng ba be jwaloka metsu ka mahlong a lona, le meutlwa dikgopong tsa lona, ba le tshwenye naheng eo le ahileng ho yona. 56Lona ke tla le etsa seo ke neng ke hopotse ho ba etsa sona.’ ”

Currently Selected:

DIPALO 33: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy