YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 3

3
Bara ba Arone
1Ena ke meloko ya Arone le Moshe, mohla Morena a neng a bua ho Moshe a le hodima thaba ya Sinai.
2Ana ke mabitso a bara ba Arone: Letsibolo ke Nadabe, e be Abihu, le Eleasare, le Itamare. 3Ana ke mabitso a bara ba Arone, bao a ileng a ba tlotsa hore e be baprista; a ba a ba halaletsa hore ba tle ba sebeletse e le baprista. 4Nadabe le Abihu ba ile ba shwella kapele ho Morena, ha ba nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, lehwatateng la Sinai. Ba ne ba se na bana. Yaba Eleasare le Itamare ba sebeletsa e le baprista, moo ntata bona a ntseng a le teng.
5Morena a bua ho Moshe, a re: 6“Atametsa ba morabe wa Levi, o ba hlahise kapele ho moprista Arone, hore ba mo sebeletse. 7Ba tla phetha ditshebeletso tsa hae le ditshebeletso tsa phutheho yohle kapele ho Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa Leaho. 8Ba tla boloka dijana tsohle tsa Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa bana ba Iseraele le ditshebeletso tsa Leaho. 9Balevi bona o ba nee Arone le bara ba hae; ke mo neile bona ka ho tlala hara bana ba Iseraele. 10Arone le bara ba hae bona o tla ba kgethela ho ba baprista, empa e mong osele ya tla atamela o tla bolawa.”
11Morena a bua ho Moshe, a re: 12“Bona, nna ka sebele ke nkile Balevi hara bana ba Iseraele, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. Balevi e tla ba ba ka, 13hobane matsibolo wohle ke a ka. Ka letsatsi leo ke neng ke bolaya matsibolo a naha ya Egepeta ka lona, ke ne ke halaletse matsibolo wohle a Baiseraele, a batho le a diphoofolo, hore e be a ka. Ke nna Morena.”
14Morena a bua ho Moshe, a le lehwatateng la Sinai, a re: 15“Bala bana ba Levi ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona; o bale e mong le e mong e motona, ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.” 16Yaba Moshe o ba bala ho ya ka taelo ya Morena, kamoo a neng a laetswe kateng.
17Ana ke mabitso a bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari. 18Ana ke mabitso a bara ba Gereshone ho ya ka malapa abo bona: Lebeni le Shimei. 19Bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona: Amorare, le Isihare, le Heborone, le Usiele. 20Bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona: Mahele, le Mushi; ana ke malapa a Balevi ho ya ka matlo a bo-ntata bona.
21Ho Gereshone ho tswile leloko la Balebeni, le leloko la Bashimei. Ana ke maloko a tswang ho Gereshone. 22Palo ya ba maloko ana, ho ya ka bohle ba batona, ba badilweng, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse supileng le makgolo a mahlano. 23Malapa a ba leloko la Gereshone a ne a emisa kamora Leaho, ka bophirimela. 24Kgosana ya leloko la Gereshone e ne e le Eleasafo, mora wa Laele. 25Mosebetsi wa bana ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, e ne e le ho hlokomela Leaho, Tente ya Morena, le marulelo a yona, le lesira la monyako wa Tente ya Morena; 26le masira a seotlwana, le lesira la monyako wa seotlwana, le pela Tente ya Morena le aletare; le dikgwele tsa yona, le ditshebeletso tsohle tsa yona.
27Ho Kohate ho tswile lelapa la Amorame, le ba lelapa la Isihare, le ba lelapa la Heborone, le ba lelapa la Usiele. Bana ke bona ba leloko la Kohate. 28Ho ya ka palo ya bohle ba batona, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse robedi le makgolo a tsheletseng; ya eba bona ba hlokomelang Sehalalelo. 29Malapa a bara ba Kohate a ne a emisa ka borwa ho Tente ya Morena. 30Kgosana ya ntlo ya Kohate e ne e le Elesafane, mora wa Usiele. 31Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona. 32Mookamedi wa mahosana a Balevi e ne e le Eleasare, mora wa moprista Arone, ya neng a hlokomela bohle ba neng ba hlokomela Sehalalelo.
33Ho Merari ho tswile lelapa la Mahadi, le lelapa la Mushi. Ana ke malapa a Merari. 34Palo ya bona, ho ya ka bohle ba batona ba badilweng, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse tsheletseng le makgolo a mabedi. 35Kgosana ya ba ntlo ya Merari e ne e le Suriele, mora wa Abihaile; ba ne ba ye ba emise lehlakoreng la Tente ya Morena, ka leboya. 36Bara ba Merari bona ba ne ba hlokomela ditshiya tsa dithupa tse hlongwang tsa Tente ya Morena, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le ditshehetso tsa tsona, le dijana tsohle, le ditshebeletso tsa yona; 37le ditshiya tsa seotlwana se potapotang, le ditshehetso tsa tsona; le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona.
38Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.
39Palo ya Balevi bohle ba badilweng, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba bala, ho ya ka taelo ya Morena, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.
Topollo ya matsibolo
40Morena a re ho Moshe: “Bala matsibolo wohle a bana ba batona ba bana ba Iseraele, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo; o ngole le palo ya mabitso a bona. 41Nna, ke leng Morena, o nkabele Balevi bohle, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le matsibolo wohle a diphoofolo tsa Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a diphoofolo tsa bana ba Iseraele.”
42Yaba Moshe o bala matsibolo wohle a bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. 43Matsibolo wohle a ba batona, ho ya ka palo ya matsibolo a bona, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse mashome a mabedi le metso e mmedi le makgolo a mabedi le mashome a supileng le metso e meraro.
44Morena a bua ho Moshe, a re: 45“Nkabele Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le diphoofolo tsohle tsa Balevi bakeng sa matsibolo a bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka. Ke nna Morena. 46Bakeng sa topollo ya bana ba Iseraele ba makgolo a mabedi le mashome a supileng a metso e meraro, e leng palo eo ba fetang Balevi ka yona, 47o tla nka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, o e nke bakeng sa e mong le e mong wa bona. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong. 48Tjhelete eo o e nee Arone le bara ba hae, e le topollo ya palo ya bao le fetang Balevi ka yona.”
49Yaba Moshe o nka tjhelete eo ya topollo ho bao, bao palo ya bona e fetang ya ba lopolotsweng ka Balevi. 50Ho matsibolo a bana ba Iseraele, Moshe a bokella silefera e etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e mehlano le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. 51Yaba Moshe o nea Arone le bara ba hae tjhelete ena ya topollo, ho ya ka taelo ya Morena, jwalokaha a ne a laetse Moshe.

Currently Selected:

DIPALO 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy