YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 2

2
Baetapele ba merabe
1Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: 2“Ha bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona, e mong le e mong wa bona a be pela mokgele wa hae, tlasa folakga ya ntlo ya ntatae. Ba tla hloma ditente tsa bona di potapotile Tente ya Morena, feela ba be hojana le yona.
3“Ba tla hloma ka botjhabela e tla ba ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Juda, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Juda e tla ba Naheshone, mora wa Aminadabe. 4Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a supileng le metso e mene le makgolo a tsheletseng.
5“Ba tla hloma pela Juda e tla ba ba morabe wa Isakare, mme kgosana ya morabe wa Isakare e tla ba Netanele mora wa Suare. 6Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e mene le makgolo a mane.
7“Jwale e be morabe wa Sebulone, mme kgosana ya bana ba Sebulone e tla ba Eliabe, mora wa Helone. 8Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a mane.
9“Palo yohle ya mokgetho wa Juda e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e tsheletseng le makgolo a mane ho ya ka mabotho a bona, mme ke bona ba tla tloha pele.
10“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Rubene ba tla ba ka borwa, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Rubene e tla ba Elesure, mora wa Shedeure. 11Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng le makgolo a mahlano.
12“Ba tla hloma pela hae e tla ba ba morabe wa Simeone, mme kgosana ya bana ba Simeone e tla ba Shelomiele, mora wa Surishadai. 13Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e robong le makgolo a mararo.
14“Jwale e be morabe wa Gade, mme kgosana ya bana ba Gade e tla ba Eleasafo, mora wa Reuele. 15Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano.
16“Palo yohle ya mokgetho wa Rubene e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mahlano le motso o le mong, le makgolo a mane le mashome a mahlano, ho ya ka mabotho a bona, mme ke bona ba tla latela ba tlohileng pele.
17“Jwale Tente ya Morena e tla tloha e jerwe, mokgetho wa Balevi o tsamaye pakeng tsa mekgetho e mmedi e kapele, le e mmedi e kamorao; mekgetho e tsamaye ka ho hlahlamana, jwalokaha e ne e hlahlamantswe ha ho hlongwa; monna e mong le e mong a be sebakeng sa hae, pela mokgele wa hae.
18“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude. 19Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano.
20“Pela bao e tla ba ba morabe wa Manase. Kgosana ya bana ba Manase e tla ba Gamaleele, mora wa Pedasure. 21Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mabedi.
22“Jwale e be morabe wa Benjamine. Kgosana ya bana ba Benjamine e tla ba Abidane, mora wa Gidoni. 23Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mehlano le makgolo a mane.
24“Bohle ba badilweng ba mokgetho wa Efraime ya eba dikete tse lekgolo le metso e robedi le lekgolo, ho ya ka mabotho a bona, mme e tla ba ba boraro ba tlohang.
25“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Dane ba tla ba ka lehlakoreng le ka leboya, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Dane e tla ba Ahiesere, mora wa Amishadai. 26Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mmedi le makgolo a supileng.
27“Pela bao e tla ba ba morabe wa Ashere. Kgosana ya bana ba Ashere e tla ba Pagiele, mora wa Okerane. 28Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le motso o le mong le makgolo a mahlano.
29“Jwale e be morabe wa Nafthali. Kgosana ya bana ba Nafthali e tla ba Ahira, mora wa Enane. 30Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane.
31“Bohle ba badilweng ba mokgetho wa Dane ya eba dikete tse lekgolo le mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a tsheletseng, mme bona e tla ba ba ho qetela ba tlohang.”
32Bana ke bana ba Iseraele ba ileng ba balwa, ho ya ka matlo a bo-ntata bona. Bohle ba mekgetho ba badilweng ho ya ka mabitso a bona ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano. 33Empa ha e le Balevi ha ba a ka ba balellwa le bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
34Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba hloma pela mekgele ya bona, ba tswela pele leetong, e mong le e mong le ba lelapa la hae, ho ya ka matlo a bo-ntata bona.

Currently Selected:

DIPALO 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy