YouVersion Logo
Search Icon

NEHEMIA 8

8
1Setjhaba sohle sa kgobokana lebaleng le pela Monyako wa Metsi, se le kgopolo e le nngwe. Sa re ho Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao, a tlise Buka ya Molao wa Moshe, oo Morena a neng a o beele bana ba Iseraele.
2Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, moprista Esera a tlisa Molao kapele ho setjhaba sa banna, le basadi, le bohle ba nang le kutlwisiso. 3A o balla banna, le basadi, le batho ba nang le kutlwisiso; a o bala ho tloha hoseng ho fihlela motsheare o moholo, a le lebaleng le pela Monyako wa Metsi. Setjhaba sohle sa mamela ka hloko tse balwang Bukeng ya Molao.
4Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao o ne a eme hodima sethala se entsweng ka lehong, se etseditswe morero oo. Ka letsohong le letona la hae, ho ne ho eme Matiteya, le Shema, le Anaya, le Uriya, le Hilekiya, le Maasiya; ka letsohong le hae le letshehadi ho eme Pedaya, le Mishaele, le Malakiya, le Hashume, le Hashebadana, le Sekariya, le Meshulame.
5Jwale Esera a phetla Buka moo setjhaba sohle se ntseng se mmona, hobane o ne a eme moo a neng a se phahametse. Eitse ha a e phetla, setjhaba sohle sa raoha! 6Esera a rorisa Morena Modimo e moholo, mme setjhaba sohle sa araba se phahamiseditse matsoho a sona hodimo, sa re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!” Sa inamisetsa dihlooho tsa sona fatshe, sa rapela Morena.
7Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona. 8Ba bala Bukeng ya Molao wa Modimo ka mokgwa o hlakileng, ba hlalosa Molao, ba etsa hore setjhaba se utlwisise se balwang.
9Nehemia, eo e neng e le mmusisi wa naha, le Esera, eo e neng e le moprista e bile e le setsebi sa Molao, le Balevi ba neng ba ruta setjhaba, ba re ho setjhaba sohle: “Letsatsi lena ke le halalelang ho Morena Modimo wa lona; le se ke la hlomoha, kapa la lla.” Ke hobane setjhaba sohle se ne se ntse se lla ha se utlwa se bolelwang ke Molao.
10Nehemia a re ho sona: “Itsamaeleng, le yo ja dijo tse monate, le nwe tse maphodi, mme le abele ba hlokang, hobane letsatsi lena ke le halalelang ho Morena wa rona. Le se ke la swaba, hobane thabo ya Morena ke yona e tla le matlafatsa.”
11Balevi ba kgutsisa setjhaba sohle, ba re: “Kgutsang, le se ke la hlomoha, hobane letsatsi lena lea halalela.”
12Yaba setjhaba sohle se a itsamaela; sa ya ja, sa ya nwa, sa abela ba hlokang. Sa nyakalla haholo, hobane se ne se utliwsisitse seo se se boleletsweng.
Mokete wa maphephe
13Ka letsatsi la bobedi dihlooho tsa malapa wohle a setjhaba, le baprista, le Balevi, ba kgobokanela ho Esera, eo e neng e le setsebi sa Molao, hore ba yo ithuta se bolelwang ke Molao. 14Ba fumana hore Molaong oo Morena a ileng a laela Moshe ho ba beela wona, ho ngotswe hore ka mokete wa kgwedi ya bosupa bana ba Iseraele ba dule maphepheng, 15le hore ba hlabe mokgosi, ba phatlalatse metseng yohle ya bona, le Jerusalema, ba re: “Nyolohelang thabeng, le reme makala a mohlwaare oo ditholwana tsa wona di etsang ole, le a mohlwaare wa naha, le makala a mohlakola, le makala a dipalema, le makala a difate tse mahlaku a teteaneng, ho tla etsa maphephe jwalokaha ho ngotswe.”
16Yaba setjhaba se a ya, se tla le makala ao. Sa iketsetsa maphephe; batho ba iketsetsa maphephe kahodima marulelo a matlo a bona, le ka mabaleng a bona, le ka mabaleng a Tempele ya Modimo, le lebaleng la Monyako wa Metsi, le lebaleng la Monyako wa Efraime. 17Setjhaba sohle sa batho ba neng ba etswa bothopuweng sa iketsetsa maphephe, sa dula ho wona. Ho tloha mehleng ya Joshua, mora wa Nune, ho fihlela ka letsatsi leo, bana ba Iseraele ba ne ba eso ka ba etsa jwalo, mme ba thaba haholo.
18Ka letsatsi le leng le le leng, ho tloha ka letsatsi la pele, ho fihlela ka letsatsi la ho qetela, Esera a nna a bala Buka ya Molao wa Modimo. Setjhaba sa keteka mokete oo ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi ya eba phutheho e halalelang, ho ya ka Molao.

Currently Selected:

NEHEMIA 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy