YouVersion Logo
Search Icon

NEHEMIA 7

7
1Hoba lerako le hahwe, ka kenya mamati, ha kgethwa balebedi ba menyako, le dibini, le Balevi. 2Yaba ke bea Hanani, ngwaneso, le Hananiya, mookamedi wa qhobosheane ya kgosi, hore e be baokamedi ba Jerusalema. Hananiya e ne e le monna ya tshepahalang, ya tshabang Modimo ho feta batho ba bangata. 3Yaba ke re ho bona: “Menyako ya Jerusalema e se ke ya ba ya bulwa ho fihlela ha letsatsi le eba hloohong tsa mengala. Ha balebedi ba ntse ba le mosebetsing, menyako ya motse e kwalwe, ho be ho bewe mekwallo. Hara baahi ba Jerusalema le kgethe balebedi; ba bang ba lebele dibaka tse itseng, ba bang ba lebele kapele ho matlo a bona.”
Lenane la bathopuwa ba ileng ba kgutla
(Esr. 2:1-70)
4Motse o ne o le moholo, o le batsi, empa batho ba ne ba le mmalwana, le matlo a eso hahwe. 5Modimo wa ka a ntshusumetsa hore ke kgobokanye mahosana, le babusi, le setjhaba, e le hore ba tle ba balwe ka ho ya ka meloko ya bona. Ka fumana buka ya lenane la meloko, moo ho neng ho ngotswe mabitso a bathopuwa ba ileng ba kgutla pele. Ho yona ho ne ho ngotswe tsena:
6“Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema, le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo. 7Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Asariya, le Raamiya, le Nahamani, le Moredekai, le Bileshane, le Miseperete, le Bigifai, le Nehume, le Baana.
“Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena: 8Ba lelapa la Paroshe e ne e le dikete tse pedi le lekgolo, le mashome a supileng a metso e mmedi; 9ba lelapa la Shefatiya e ne e le makgolo a mararo le mashome a supileng a metso e mmedi; 10ba lelapa la Arake e le makgolo a tsheletseng, le mashome a mahlano a metso e mmedi; 11ba lelapa la Pahate-Moabe, e leng ditloholo tsa Jeshua le Joabe, e le dikete tse pedi le makgolo a robedi, le leshome le metso e robedi; 12ba lelapa la Elame e le sekete le makgolo a mabedi, le mashome a mahlano a metso e mene; 13ba lelapa la Satu e le makgolo a robedi le mashome a mane a metso e mehlano; 14ba lelapa la Sakai e le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng; 15ba lelapa la Binui e le makgolo a tsheletseng le mashome a mane a metso e robedi; 16ba lelapa la Bebai e le makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi a metso e robedi; 17ba lelapa la Asegade e le dikete tse pedi le makgolo a mararo le mashome a mabedi a metso e mmedi; 18ba lelapa la Adonikame e le makgolo a tsheletseng le mashome a tsheletseng a metso e supileng; 19ba lelapa la Bigifai e le dikete tse pedi le mashome a tsheletseng a metso e supileng; 20ba lelapa la Adine e le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano a metso e mehlano; 21ba lelapa la Atere, ke ho re la Hesekiya, e le mashome a robong a metso e robedi; 22ba lelapa la Hashume e le makgolo a mararo le mashome a mabedi a metso e robedi; 23ba lelapa la Besai e le makgolo a mararo le mashome a mabedi a metso e mene; 24ba lelapa la Harife e le lekgolo le leshome le metso e mmedi; 25ba lelapa la Gibeone e le mashome a robong a metso e mehlano.
26“Ba tswang Betlelehema le Netofa e ne e le lekgolo la mashome a robedi a metso e robedi; 27ba tswang Anatote e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi; 28ba tswang Bete-Asemafete e le mashome a mane a metso e mmedi; 29ba tswang Kiriate-Jearime, le Kefira, le Beerote e le makgolo a supileng le mashome a mane a metso e meraro; 30ba tswang Rama le Geba e le makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi a motso o mong; 31ba tswang Mikemase e le lekogolo le mashome a mabedi a metso e mmedi; 32ba tswang Bethele le ba tswang Ai e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e meraro; 33ba tswang Nebo e nngwe e le mashome a mahlano a metso e mmedi; 34ba tswang Elame e nngwe e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano a metso e mene; 35ba tswang Harime e le makgolo a mararo le mashome a mabedi; 36ba tswang Jeriko e le makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano; 37ba tswang Lode, le Hadide, le Ono e le makgolo a supileng le mashome a mabedi a motso o mong; 38ba tswang Senaa e le dikete tse tharo le makgolo a robong, le mashome a mararo.
39“Baprista, e leng bara ba Jedaya, wa lelapa la Jeshua, ba ne ba le makgolo a robong le mashome a supileng a metso e meraro; 40ba lelapa la Imere e le sekete le mashome a mahlano a metso e mmedi; 41ba lelapa la Pashahure e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e supileng; 42ba lelapa la Harime e le sekete le leshome le metso e supileng.
43“Balevi, e leng ditloholo tsa Jeshua, le Kademiele, ba leloko la Hodefa, e ne e le mashome a supileng a metso e mene.
44“Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, e ne e le lekgolo le mashome a mane a metso e robedi.
45“Ba malapa a balebedi ba menyako, e leng ditloholo tsa Shalome, le ditloholo tsa Atere, le tsa Talamone, le tsa Akuba, le tsa Hatita, le tsa Shobai, ba ne ba le lekgolo le mashome a mararo a metso e robedi.
46“Basebeletsi ba Tempele e ne e le ditloholo tsa Siha, le tsa Hasufa, le tsa Tabaote, 47le tsa Kerose, le tsa Sia, le tsa Padone, 48le tsa Lebana, le tsa Hagaba, le tsa Salemai, 49le tsa Hanane, le tsa Gidele, le tsa Gahere, 50le tsa Reaya, le tsa Resine, le tsa Nekoda, 51le tsa Gasame, le tsa Usa, le tsa Paseya, 52le tsa Besai, le tsa Mehunime, le tsa Nefusime, 53le tsa Bakabuke, le tsa Hakufa, le tsa Harehure, 54le tsa Baselote, le tsa Mehida, le tsa Haresha, 55le tsa Barakose, le tsa Sisera, le tsa Tama, 56le tsa Nesia, le tsa Hatifa.
57“Ana ke malapa a bahlanka ba Solomone, e leng ditloholo tsa Sotai, le tsa Soferete, le tsa Peruda, 58le tsa Jaala, le tsa Darekone, le tsa Gidele, 59le tsa Shefatiya, le tsa Hatila, le tsa Pokerete ya tswang Sebaime, le tsa Amona.
60“Basebeletsi bohle ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, ba ne ba le makgolo a mararo le mashome a robong a metso e mmedi.
61“Bana bohle ke ba neng ba etswa Tele-Mela, le Tele-Haresha, le Kerube, le Adone, le Imere. Empa ba ile ba sitwa ho bontsha hore malapa abo bona, le dihlooho tsa bona ke Baiseraele. 62Ba lelapa la Delaya, le la Tobiya, le la Nekoda ba ne ba le makgolo a tsheletseng le mashome a mane a metso e mmedi.
63“Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a be a se a ipitsa ka yena.
64“Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka. 65Mmusisi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena, ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime.
66“Setjhaba sohle ha se balwa se ile sa etsa dikete tse mashome a mane a metso e mmedi le makgolo a mararo le mashome a tsheletseng; 67ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona, a dikete tse supileng, le makgolo a mararo, le mashome a mararo a metso e supileng. Hape ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano.
68“Palo ya dipere tsa bona e ne e le makgolo a supileng le mashome a mararo a metso e tsheletseng, dimmeile di le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano, 69dikamele di le makgolo a mane le mashome a mararo a metso e mehlano, le ditonki tse dikete tse tsheletseng le makgolo a supileng le mashome a mabedi.”
70Ba bang ba dihlooho tsa malapa ba kenya letsoho mosebetsing ona ka ho fana ka dimpho. Mmusisi wa naha a fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse robedi, le dikotlolo tse mashome a mahlano tsa ho sebeletsa, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano le mashome a mararo. 71Ba bang ba dihlooho tsa malapa ba fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e robedi, le silefera e etsang boima ba dikilo tse sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano, mme tsena tsohle ba di kenya ka letloleng, bakeng sa mosebetsi. 72Setjhaba sona sa fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e robedi, le silefera e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a mane, le diaparo tsa boprista tse mashome a tsheletseng a metso e supileng.
73Baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le karolo e nngwe ya setjhaba, le basebeletsi ba Tempele, le Baiseraele bohle, ba aha metseng ya bona.
Esera o balla setjhaba Molao
Ha kgwedi ya bosupa e thwasa, bana ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ya bona.

Currently Selected:

NEHEMIA 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy