YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 13

13
Jesu o bolela tshenyeho ya Tempele
(Mat. 24:1,2; Luka 21:5,6)
1Ha Jesu a etswa ka Tempeleng, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Moruti, ako bone: ke majwe a makaakang le mehaho e makaakang!”
2Jesu a mo araba, a re: “O a e bona mehaho e meholo ee? Ha ho na lejwe le tla sala hodima lejwe le leng le sa heletswa.”
Qaleho ya ditlokotsi
(Mat. 24:3-14; Luka 21:7-19)
3Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, malebana le Tempele, Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease ba mmotsa boinotshing, ba re: 4“Ako re bolelle: Dintho tseo di tla etsahala neng? Pontsho e tla be efe ha tseo tsohle di phethahala?”
5Jesu a qala ho re ho bona: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe. 6Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna,’ mme ba tla kgelosa ba bangata. 7Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo. 8Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata, le ditlala tsa sekoboto. Tsena ke qaleho ya ditlokotsi.
9“Ha e le lona, hlokomelang! Ba tla neelana ka lona makgotleng, le tla shapuwa matlung a thapelo, le emiswe kapela babusisi le mahosi ka baka la ka, e be bopaki ho bona. 10Eka kgona molaetsa o molemo o phatlalatswe ho ditjhaba tsohle pele. 11Ha ba le tshwara, ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya e sa le pele hore na le tla reng, le mpe le bolele seo le se newang ka nako eo, hobane hase lona le tla bua, empa ke Moya o Halalelang.
12“Motho o tla ekelwa lefu ke ngwanabo, le ngwana ke ntatae, mme bana ba tla fetohela batswadi, ba ba bolaye. 13Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, yena o tla pholoswa.”
Ditlokotsi tse kgolo
(Mat. 24:15-28; Luka 21:20-24)
14“Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme moo a sa lokelang, mmadi a utlwisise se bolelwang! Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng; 15motho ya sehlohlolong sa ntlo a se ke a ba a theoha leha e le ho kena ho ntsha ho hong ka tlung ya hae; 16le motho ya masimong a se ke a ba a kgutlela hae ho ya lata seaparo sa hae. 17Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao! 18Rapelang hore tseo di se ke tsa etsahala mariha, 19hobane matsatsing ao ho tla ba le ditlokotsi tseo ho esong ho be teng tse jwalo, ho tloha tshimolohong ya dintho tseo Modimo a di bopileng ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape. 20Hojane Morena ha a tlo kgutsufatsa nako eo, ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa o kgutsufaditse nako eo ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng.
21“Mohlang oo haeba motho a ka re ho lona: ‘Bona, Kreste ke enwa! Bona, Kreste ke eo!’ le se ke la ba la dumela. 22Bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso, hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa. 23Empa lona, hlokomelang: Ke le boleletse tsohle e sa le pele.”
Ho tla ha Mora Motho
(Mat. 24:29-31; Luka 21:25-28)
24“Empa matsatsing ao,
kamorao ho ditlokotsi tsena,
letsatsi le tla fifala,
kgwedi ha e na ho bonesa;
25dinaledi di tla wa lehodimong,
mabotho a leng mahodimong
a tla tsukutleha.
26“Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le marung, ka matla a maholo le ka tlotla. 27O tla roma mangeloi a hae, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lafatshe, ba etswa pheletsong ya lefatshe, ho isa pheletsong ya lehodimo.”
Thuto ka sefate sa feiye
(Mat. 24:32-35; Luka 21:29-33)
28“Ithuteng ka setshwantsho sa sefate sa feiye. Ha lekala la sona le nolofala, le fuputsa mahlaku, le ye le tsebe hore lehlabula le haufi. 29Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena di etsahala, tsebang hore o haufi, o monyako. 30Kannete ke a le bolella, moloko ona o ke ke wa fela tseo tsohle di eso etsahale. 31Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.”
Ha ho ya tsebang nako
(Mat. 24:36-44)
32“Empa letsatsi leo kapa hora eo, ha ho ya di tsebang; esita le mangeloi a lehodimong kapa Mora ha a tsebe, haese Ntate. 33Hlokomelang, le fadimehe, hobane ha le tsebe hore na nako eo e tla tla neneng. 34Ho jwalokaha motho a eta, a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a ba a laela molebedi wa monyako ho lebela.
35“Ha ho le jwalo fadimehang, hobane ha le tsebe hore na monga ntlo o tla tla neneng, mantsiboya kapa ka seroko, ka dialla kapa kameso, 36esere mohlomong a le tsometsa, a le fumana le robetse. 37Jwale seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Fadimehang!”

Currently Selected:

MAREKA 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy