YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 12

12
Setshwantsho sa balemi tshimong ya morara
(Mat. 21:33-46; Luka 20:9-19)
1Jesu a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: “Motho o ile a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta. 2Yare ha nako e fihlile, a romela mohlanka ho balemi, hore a bokelle ho bona seabo sa hae sa kotulo. 3Ba mo tshwara, ba mo kgakgatha, mme ba mo kgutlisa a se na letho. 4A boela a romela mohlanka e mong ho bona; eo ba mmata hloohong, mme ba mo tlontlolla. 5A romela e mong, yena ba mmolaya; le ba bang ba bangata, bao ba ileng ba kgakgatha ba bang ho bona, ba bolaya ba bang.
6“O ne a saletswe ke motho a le mong feela, mora eo a mo ratang. A mo romela ho bona e le wa ho qetela, a re: ‘Ba tla hlompha mora wa ka.’
7“Empa balemi bao ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.’ 8Ba mo tshwara, ba mmolaya, mme ba mo lahlela kantle ho tshimo ya morara.
9“Jwale na monga tshimo o tla etsa jwang? O tla tla, mme a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang. 10Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng:
“ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi
le fetohile lejwe la mantlha.
11Ke Morena ya entseng hona,
mme mahlong a rona ke mohlolo?’ ”
12Jwale ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba letshwele, hobane ba ne ba utlwisisa hore ka setshwantsho sena o bolela bona. Ba mo tlohela, ba ikela.
Taba ya ho lefa lekgetho
(Mat. 22:15-22; Luka 20:20-26)
13Yaba ba romela ba bang ba Bafarisi le balatedi ba Heroda ho Jesu, hore ba tle ba mo tshwase ka dipuo tsa hae. 14Ba fihla, ba re ho yena: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, le hore ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe? Na re ka le ntsha, kapa re ke ke ra le ntsha?”
15Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: “Le ntekelang? Ntlisetseng tjhelete ya denare, nke ke e bone.”
16Ba e tlisa. A re ho bona: “Setshwantsho see, le mongolo oo, ke tsa mang?”
Ba re ho yena: “Ke tsa Sesare.”
17Yaba Jesu o re ho bona: “Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo,” mme ba mo tsota.
Taba ya tsoho ya bafu
(Mat. 22:23-33; Luka 20:27-40)
18Jwale Basaduke, ba neng ba re ha ho tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re: 19“Moruti, Moshe o re ngoletse hore ha ngwanabo monna a eshwa, mme a siya mohlolohadi a se na bana, ngwanabo a kenele mohlolohadi eo, mme a tswalle ngwanabo bana. 20Ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng. Wa pele a nyala mosadi, empa a shwa a se na bana. 21Wa bobedi a mo kenela; a shwa a se na bana. Ha eba jwalo le ho wa boraro. 22Ka bosupa ba bona ha ba a ka ba eba le bana. Kamorao ho bohle le yena mosadi a shwa. 23Mohla tsoho ya bafu, ha ba tsoha, mosadi eo e tla ba wa mang ho bona, kaha ba ne ba mo nyetse ka bosupa ba bona?”
24Jesu a re ho bona: “Na ha le lahlehe ke hobane le sa tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo? 25Ha batho ba tsoha bafung, ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi mahodimong. 26Tabeng ya bafu ba tsohang, na ha le eso bale bukeng ya Moshe, moo ho buuwang ka sehlahla, kamoo Modimo a ileng a re ho yena kateng: ‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’ 27Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang. Le lahlehile hampe.”
Taelo e kgolo
(Mat. 22:34-40; Luka 10:25-28)
28E mong wa Ditsebi tsa Molao, ya neng a ba mametse ha ba pheile kgang, mme a bona hore Jesu o ba arabile hantle, a tla ho yena, a mmotsa, a re: “Taelo ya pele ho tsohle ke efe?”
29Jesu a araba, a re: “Ya pele ke e reng: ‘Mamela Iseraele! Morena Modimo wa rona ke yena feela Morena, 30mme o rate Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, le ka matla a hao wohle.’ 31Ya bobedi ke ena: ‘Rata mohaeno jwalokaha o ithata.’ Ha ho taelo e nngwe e kgolo ho feta tsena.”
32Setsebi sa Molao sa re ho yena: “O nepile, Moruti, o buile nnete ha o re, ‘Modimo o mong, ha ho e mong kantle ho yena,’ 33mme ‘ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,’ ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.”
34Jesu ha a bona hore o arabile ka bohlale, a re ho yena: “Ha o hole le Mmuso wa Modimo.” Ha ho a ka ha hlola ho eba le ya betang pelo ho mmotsa.
Potso ka Mora wa Davida
(Mat. 22:41-46; Luka 20:41-44)
35Jesu ha a ntse a ruta ka Tempeleng, a botsa, a re: “Ditsebi tsa Molao di bolela jwang hore Kreste ke Mora wa Davida? 36Davida, ka tataiso ya Moya o Halalelang, o ile a re:
“ ‘Morena o itse ho Morena wa ka:
Dula ka letsohong la ka le letona,
ho fihlela ke bea dira tsa hao
katlasa maoto a hao.’
37“Davida ka boyena o mmitsa Morena. Jwale e ka ba mora wa hae jwang?”
Letshwelehadi le ne le thabela ho mo mamela.
Jesu o nyatsa Ditsebi tsa Molao
(Mat. 23:1-36; Luka 20:45-47)
38Thutong ya hae Jesu a re: “Hlokomelang Ditsebi tsa Molao! Ke batho ba ratang ho itsamaela ka diaparo tse phuphuthang le ho dumediswa mabaleng a metse; 39ba batlang ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo le ditulo tse kapele meketeng; 40ba hapang matlo a basadi ba bahlolohadi, leha ba ntse ba etsa dithapelo tse telele tsa boikaketsi. Ba tla ahlolwa ka ho fetisisa.”
Nyehelo ya mosadi wa mohlolohadi
(Luka 21:1-4)
41Jesu a ya dula malebana le letlole la matlotlo, a tadima kamoo letshwele le nokelang tjhelete letloleng kateng. Barui ba bangata ba ne ba nokela e ngata. 42Ha tla mosadi e mong wa mohlolohadi ya futsanehileng; a nokela tjheletana tse pedi, tse ka lekanang le sente.
43Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, o re ho bona: “Kannete ke a le bolella, mosadi eo wa mohlolohadi, ya futsanehileng, o noketse ho feta bohle ba nokelang letloleng, 44hobane bohle ba noketse ba nkile bonkong, athe yena o noketse a nkile bohloking, tsohle tseo a neng a ena le tsona, sohle seo a neng a tla phela ka sona.”

Currently Selected:

MAREKA 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy