YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 22

22
Setshwantsho sa mokete wa lenyalo
(Luka 14:15-24)
1Jesu a boela a bua le bona ka ditshwantsho, a re: 2“Mmuso wa lehodimo o jwaloka kgosi e neng e etseditse mora wa yona mokete wa lenyalo. 3Ya roma bahlanka ba yona ho ya bitsa ba memetsweng moketeng, empa ba hana ho tla.
4“Ya boela ya roma bahlanka ba bang hape, ya re: ‘Bolellang bamemuwa hore ke lokisitse mokete; dipholo le dinonneng tsa ka di se di hlabilwe, tsohle di lokile, ba tle moketeng.’
5“Empa bamemuwa ba se ke ba ba natsa, ba itsamaela; e mong a ikela masimong, e mong a ikela kgwebong ya hae. 6Ba bang ba tshwara bahlanka ba kgosi, ba ba etsa hampe, mme ba ba bolaya. 7Kgosi ya halefa, ya romela dimphi tsa yona, tsa ripitla babolai bao, tsa tjhesa motse wa bona.
8“Yaba e re ho bahlanka ba yona: ‘Mokete wa lenyalo o lokisitswe, empa ba neng ba memilwe ba ne ba sa lokela. 9Eyang ke hona mateanong a ditsela, mme bohle bao le ba fumanang le ba memele moketeng.’ 10Yaba bahlanka ba ya ditseleng, ba phutha bohle bao ba ba fumanang, ba lokileng le ba kgopo, mme ntlo ya mokete ya tlala tswete!
11“Kgosi ya kena ho tla bona bamemuwa, mme ya bona motho ya sa aparang seaparo sa mokete. 12Ya re ho yena: ‘Motswalle, o kene jwang moo o se na seaparo sa mokete?’ Empa eo a kgutsa.
13“Yaba kgosi e re ho basebeletsi: ‘Mo tlameng sekolokoto, le mo lahlele kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.’
14“Ba mengwang ba bangata, empa ba kgethwang ha ba bakae.”
Taba ya ho lefa lekgetho
(Mar. 12:13-17; Luka 20:20-26)
15Yaba Bafarisi ba a tsamaya, ba ilo buisana ka hore na ba ka mo tshwasa jwang ka dipuo tsa hae. 16Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi. 17Re bolelle he: O reng? Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe?”
18Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, mme a re: “Baikaketsi ting! Le ntekelang? 19Mpontsheng tjhelete ya lekgetho!” Ba mo tlisetsa denare. 20A re ho bona: “Setshwantsho see, le mongolo oo, ke tsa mang?”
21Ba re: “Ke tsa Sesare.” Yaba o re ho bona: “Ka baka leo, neang Sesare seng sa Sesare, le Modimo seng sa Modimo.”
22Ha ba utlwa hona ba hlollwa, ba tloha ho yena, ba ikela.
Taba ya tsoho ya bafu
(Mar. 12:18-27; Luka 20:27-40)
23Ka lona tsatsi leo Basaduke, ba neng ba re ha ho tsoho ya bafu, ba tla ho yena ba mmotsa, 24ba re: “Moruti, Moshe o itse: ‘Ha monna a eshwa a se na bana, ngwanabo o tla kenela mohlolohadi eo, a tswalle ngwanabo bana.’ 25Jwale hara rona ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng. Wa pele a nyala, a shwa, mme kaha a ila shwa a se na bana a siela ngwanabo mosadi wa hae. 26Ha eba jwalo le ho wa bobedi le ho wa boraro, ho fihlela le ho wa bosupa. 27Qetellong le yena mosadi a shwa. 28Jwale, mohla tsoho ya bafu, mosadi eo e tla ba wa mang ho bao ba supileng, hobane e bile wa bona kaofela?”
29Jesu a ba araba, a re: “Le lahleha ke ho se tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo, 30hobane tsohong ya bafu batho ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi lehodimong. 31Tabeng ya tsoho ya bafu, na ha le eso bale seo Modimo a neng a le bolelle sona, a re: 32‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’ Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang.”
33Matshwele ha a utlwa taba ena a hlollwa ke thuto ya hae.
Taelo e kgolo
(Mar. 12:28-34; Luka 10:25-28)
34Hoba Bafarisi ba utlwe hore Jesu o kwetse Basaduke melomo, ba phutheha. 35E mong wa bona, eo e leng Setsebi sa Molao, a leka Jesu ka potsa ena: 36“Moruti, taelo e kgolo Molaong ke efe?”
37A re ho yena: “ ‘Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle.’ 38Ena ke yona taelo e kgolo, ya pele. 39Ya bobedi e tshwanang le yona e re: ‘Rata wa heno jwalokaha o ithata.’ 40Molao wohle le Baporofeta ba itshetlehile ka ditaelo tse pedi tsena.”
Kreste, mora le Morena wa Davida
(Mar. 12:35-37; Luka 20:41-44)
41Yare ha Bafarisi ba phuthehile, Jesu a ba botsa, a re: 42“Le reng ka Kreste? Ke mora wa mang?”
Ba re ho yena: “Wa Davida.”
43A re ho bona: “Ke ka baka lang ha Davida, ka tataiso ya Moya, a mmitsa Morena, a re:
44“ ‘Morena o itse ho Morena wa ka:
Dula ka letsohong la ka le letona,
ho fihlela ke bea dira tsa hao
katlasa maoto a hao?’
45“Haeba he Davida a mmitsa Morena, ke mora wa hae jwang?” 46Ha ho ya ileng a tseba ho mo araba, mme ho tloha tsatsing leo ha ho ya kileng a ba sebete ho mmotsa hape.

Currently Selected:

MATHEU 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy