YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 21

21
Jesu o kena Jerusalema
(Mar. 11:1-11; Luka 19:28-40; Joh. 12:12-19)
1Ha ba atamela Jerusalema, mme ba fihla Bethefage, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma barutuwa ba babedi, 2a re ho bona: “Eyang motseng o kapele ho lona, mme le tla fumana tonki e holehilweng, e nang le petsana. Le di lokolle, le di tlise mona ho nna, 3mme ha motho a ka le botsa ho hong, le re ho yena: ‘Morena o a di hloka,’ mme o tla di lokolla hanghang.”
4Hona ho ile ha etsahala hore ho tle ho phethahale se boletsweng ke moporofeta, ha a re:
5“Bolellang moradi wa Sione:
Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena
e ikokobeditse, e palame tonki,
e palame petsana ya tonki.”
6Yaba barutuwa ba a ya, mme ba etsa kamoo Jesu a ba laetseng kateng. 7Ba tlisa tonki le petsana ya yona, ba ala diaparo tsa bona hodima tsona, mme a palama. 8Letshwelehadi la batho la ala diaparo tsa lona tseleng, mme ba bang ba lona ba rema makala difateng, ba a ala ka tseleng. 9Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re:
“Hosanna ho Mora wa Davida!
Ho bokwe
ya tlang ka lebitso la Morena!
Hosanna mahodimong
a hodimodimo!”
10Ha Jesu a kena Jerusalema, motse wohle wa hlokoleha. Batho ba botsa, ba re: “Eo ke mang?”
11Matshwele a re: “Enwa ke moporofeta Jesu, ya tswang Nasaretha e Galelea.”
Jesu o hlwekisa Tempele
(Mar. 11:15-19; Luka 19:45-48; Joh. 2:13-22)
12Jesu a kena ka Tempeleng, a phahla bohle ba neng ba reka, ba rekisetsa ka ho yona; a phethola ditafole tsa baananyi ba ditjhelete le ditulo tsa ba rekisang maeba. 13A re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe:
“ ‘Ntlo ya ka e tla bitswa
ntlo ya thapelo,’
empa lona le e etsa
‘lehaha la dinokwane.’ ”
14Jwale difofu le diritsa tsa tla ho yena ka Tempeleng, mme a di fodisa. 15Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo.
16Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: ‘O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea?’ ”
17Yaba o tloha ho bona, o tswela kantle ho motse, o ya Bethania, mme a robaletsa teng.
Jesu o rohaka sefate sa feiye
(Mar. 11:12-14,20-24)
18Jesu ha a kgutlela motseng, e sa le hoseng, a ikutlwa a lapile. 19A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang.
20Barutuwa ha ba se bona ba makala haholo, ba re: “Sefate see sa feiye se omeletse hanghang ka mokgwa o jwang?”
21Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala, 22mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.”
Kgang hodima matla a Jesu
(Mar. 11:27-33; Luka 20:1-8)
23Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?”
24Jesu a ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka mpolella seo ke se botsang, le nna ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang dintho tsena. 25Kolobetso ya Johanne e ne e etswa kae: Lehodimong kapa bathong?”
Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, e ne e etswa lehodimong, o tla re ho rona, na ke ka baka lang re sa kang ra mo dumela. 26Empa ha re ka re e ne e etswa bathong, re tshaba letshwele lena, hobane bohle ba tadima Johanne e le moporofeta.”
27Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.”
A re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.”
Setshwantsho sa bara ba babedi
28“Le reng na? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi. A ya ho wa pele, a re: ‘Mora ka, tsamaya o yo sebetsa tshimong ya morara, kajeno!’
29“A araba, a re: ‘Ke a hana!’ Empa hamorao a ikwahlaya, a ya.
30“A ya ho wa bobedi, a bua jwaloka ho wa pele. Yena a araba, a re: ‘E, ntate, ke tla ya,’ empa a se ke a ya.
31“Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?”
Ba re: “Ke wa pele.”
Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona. 32Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela.”
Setshwantsho sa balemi tshimong ya morara
(Mar. 12:1-12; Luka 20:9-19)
33“Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta. 34Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo.
35“Balemi ba tshwara bahlanka ba hae; ba kgakgatha e mong, ba bolaya e mong, mme ba tlepetsa e mong ka majwe. 36A boela a romela bahlanka ba bang hape, ba bangata ho feta ba pele, mme le bona ba nna ba etswa jwalo. 37Qetellong a romela mora wa hae, a re: ‘Ba tla hlompha mora wa ka.’
38“Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!’ 39Ba mo tshwara, ba mo kgarameletsa kantle ho tshimo, mme ba mmolaya.
40“Jwale ekaba mohla monga tshimo a tlang, balemi baa o tla ba etsa jwang?”
41Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”
42Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng:
“ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi
le fetohile lejwe la mantlha;
ke Morena ya entseng hona,
mme mahlong a rona ke mohlolo’?
43“Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona. 44Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.”
45Baprista ba baholo le Bafarisi ha ba utlwa ditshwantsho tsa hae, ba elellwa hore o bua ka bona. 46Ba ne ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba matshwele, hobane a ne a tadima Jesu e le moporofeta.

Currently Selected:

MATHEU 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy