YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 20

20
Kgang hodima matla a Jesu
(Mat. 21:23-27; Mar. 11:27-33)
1Ka le leng la matsatsi ao, Jesu o ne a ruta batho ka Tempeleng, a ba bolella molaetsa o molemo. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao le baholo ba tla ho yena, 2ba mmotsa, ba re: “Re bolelle hore na ke ka matla afe o etsang tsena, kapa na ya o neileng matla ana ke mang?”
3A ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso, mme le nkarabe: 4Na kolobetso ya Johanne e ne e etswa lehodimong kapa bathong?”
5Ba buisana ba le bang, ba re: “Haeba re ka re: ‘Lehodimong,’ o tla re: ‘Ke ka baka lang le sa kang la mo dumela?’ 6Empa haeba re ka re: ‘Bathong,’ setjhaba sohle se tla re tlepetsa ka majwe, hobane se kgotswe hore Johanne e ne e le moporofeta.”
7Yaba ba araba ka hore ha ba tsebe moo e neng e etswa teng.
8Jesu a re ho bona: “Le nna he, ha ke le bolelle hore na ke etsa tsena ka matla afe.”
Setshwantsho sa tshimo ya morara le balemi
(Mat. 21:33-46; Mar. 12:1-12)
9Jwale Jesu a bolella batho setshwantsho sena: “Motho e mong a na a lema tshimo ya morara, a e etsa seahlolo le balemi, mme a eta nako e telele. 10Ka nako ya teng, a roma mohlanka ho balemi, hore ba tle ba mo nee karolo ya ditholwana tsa tshimo, empa balemi ba mo kgakgatha, ba mo kgutlisa a se na letho. 11A boela a roma mohlanka e mong, empa le eo ba mo kgakgatha, ba mo tlontlolla, ba mo kgutlisa a se na letho. 12A eketsa a roma wa boraro, empa le eo ba mo ntsha maqeba, ba mo lahlela kantle.
13“Jwale monga tshimo a re: ‘Ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka eo ke mo ratang; mohlomong yena ba tla mo hlompha.’
14“Empa ha balemi ba mmona, ba buisana ba le bang, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, hore lefa e tle e be la rona.’ 15Yaba ba mo lahlela kantle ho tshimo, ba a mmolaya.
“Ekaba monga tshimo o tla ba etsa jwang? 16O tla tla, a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang.”
Yare ha ba utlwa hoo, ba re: “A ho se be jwalo!”
17A ba tadima, a re: “Sena se ngotsweng ke ho reng:
“ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi
le fetohile la mantlha?’
18“E mong le e mong ya welang hodima lejwe leo o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.”
19Ditsebi tsa Molao le baprista ba baholo ba batla ho mo tshwara ka yona nako eo, hobane ba tsebile hore o boletse setshwantsho seo a lekanya bona, empa ba tshaba batho.
Taba ya ho lefa lekgetho
(Mat. 22:15-22; Mar. 12:13-17)
20Ba disa Jesu ka hloko, mme ba roma dihlwela tse iketsang e ka ke batho ba lokileng, hore di tle di mo tshware ka dipuo, di mo neele mmusisi. 21Tsa mmotsa, tsa re: “Moruti, re a tseba hore seo o se buang le seo o se rutang se nepahetse. Ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. 22Na ho a dumelleha hore re ntshetse Sesare lekgetho kapa tjhe?”
23Empa a lemoha bophokojwe ba bona, a re ho bona: 24“Mpontsheng tjhelete ya denare. E na le setshwantsho sa mang le mongolo wa mang?”
Ba re: “Ke tsa Sesare.”
25A re ho bona: “Jwale he, neang Sesare seng sa Sesare le Modimo seng sa Modimo.”
26Ba sitwa ho mo tshwasa ka dipuo pontsheng ya setjhaba, ba makalla karabo ya hae, mme ba kgutsa.
Taba ya tsoho ya bafu
(Mat. 22:23-33; Mar. 12:18-27)
27Jwale ha tla ba bang ba Basaduke, ba latolang tsoho ya bafu, ba mmotsa, 28ba re: “Moruti, Moshe o re ngoletse hore: ‘Ha ngwanabo monna a eshwa a ena le mosadi, a se na bana, ngwanabo mofu a kenele mohlolohadi eo, a tswalle ngwanabo bana.’ 29Ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng, yaba wa pele o a nyala, mme a shwa a se na bana. 30Wa bobedi, 31le wa boraro, le bona ba mo kenela; ka mokgwa o jwalo, ka bosupa ba bona ba eshwa ba sa siye bana. 32Qetellong le yena mosadi a shwa. 33Ha ho le jwalo, tsohong ya bafu mosadi e tla ba mohatsa ofe ho bona, kaha e bile mohatsa bona ka bosupa ba bona?”
34Jesu a re ho bona: “Bana ba lefatshe ba a nyalana, ba a nyadiswa, 35empa ba nang le tokelo ya ho ba le kabelo tsohong ya bafu mehleng e tlang, bona ha ba nyalane, ha ba nyadiswe. 36Ba ke ke ba hlola ba eshwa hobane ba tshwana le mangeloi. Ke bana ba Modimo hobane ba tsositswe bafung. 37Ha e le hore bafu ba tla tsoha, le Moshe o ne a ngole ditabeng tsa sehlahla se meutlwa, moo a reng: ‘Morena ke Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo.’ 38Modimo hase wa bafu, ke Modimo wa ba phelang, hobane bohle ba phela ka yena.”
39Ditsebi tse ding tsa Molao tsa araba, tsa re: “Moruti, o buile hantle,” 40hobane di ne di ke ke tsa beta pelo ho mmotsa letho.
Kreste ke mora le Morena wa Davida
(Mat. 22:41-46; Mar. 12:35-37)
41Jesu a re ho bona: “Batho ba ka le bolella hore Kreste ke mora wa Davida jwang? 42Bukeng ya Dipesalema Davida ka boyena o re:
“ ‘Morena o itse ho Morena wa ka:
Dula ka letsohong la ka le letona,
43ho fihlela ke bea dira tsa hao
katlasa maoto a hao.’
44Ha e le moo Davida a mmitsa
‘Morena,’ ke mora wa hae jwang?”
Jesu o nyatsa Ditsebi tsa Molao
(Mat. 23:1-36; Mar. 12:38-40; Luka 11:37-54)
45Ha batho bohle ba ntse ba mametse, Jesu a re ho barutuwa ba hae: 46“Hlokomelang Ditsebi tsa Molao tse thabelang ho tsamaya di apere diaparo tse phuphuthang, tse ratang ho dumediswa mabaleng a metse, le ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ditulo tse kapele meketeng, 47tse jang matlo a basadi ba bahlolohadi, mme di ntse di etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi. Di tla ahlolwa ka ho fetisisa.”

Currently Selected:

LUKA 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy